Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 4:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Empa Petrose le Johanne ba ba araba, ba re: A ho ahlole lona hore na ke taba e lokileng pela Modimo ho utlwa lona ho fetisa Modimo na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

19 Empa Petrose le Johanne ba ba araba, ba re: “Ahlolang e le lona hore na ho nepahetse mahlong a Modimo ho mamela lona, ho ena le ho mamela Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

19 Empa Petrose le Johanne ba ba araba, ba re: “Le ahlole lona hore na ho nepahetse mahlong a Modimo ho mamela lona ho feta Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

19 Empa Petrose le Johanne ba ba araba, ba re: “Le ahlole lona hore na ho nepahetse mahlong a Modimo ho mamela lona ho feta Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 4:19
30 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Taba ena ya eba kgopiso, hobane setjhaba sa ya kgumamela namane, ho fihlela Dane.


Ebile moo a kgutlang le yena, a ja bohobe, a nwa metsi.


O tla lahla Baiseraele ka baka la dibe tsa Jeroboame, kamoo a sebileng kateng, a sebisa le Iseraele.


Banna ba motse, e leng baholo le mahosana a ahileng motseng wa Nabothe, ba etsa kamoo Jesebele a rometseng ho bona kateng, le kamoo ho ngodilweng mangolong kateng ao ba a rometsweng.


Mikea a re: Ka Jehova ya utlwang, seo Jehova a tla mpolella sona, ke sona seo ke tla se bolela.


Yaba morena Akase o laela moprista Uria, a re: Tjhesa setjheso sa hosasa aletareng e kgolo le nyehelo ya mantsiboya, le setjheso sa morena le nyehelo ya hae, le setjheso sa setjhaba sohle sa lefatshe, le nyehelo ya sona, le ditshelo tsa sona; o e fafatse ka madi a ditjheso le ka madi wohle a mahlabelo. Haele aletare ya koporo, ke tla e hopolela.


Moprista Uria a etsa ka tsohle tseo morena Akase a mo laetseng tsona.


Fale le tla nne le ikgutsetse na? Na ha le tumise ho loka keng na? A le tla ahlola ka tokelo, lona bana ba batho?


Empa babelehisi ba ne ba tshaba Modimo, mme ha ba ka ba etsa kamoo morena wa Egepeta a neng a ba laetse kateng, empa ba tlohela bashanyana hore ba phele.


Yaba Jeremia o bolella baholo bohle le setjhaba kaofela, a re: Ke Jehova ya nthomileng ho porofeta bakeng sa ntlo ena le sa motse ona mantswe wohle ao le a utlwileng.


Leha ho se jwalo, o tsebe, morena, hobane re ke ke ra sebeletsa medimo ya hao, re ke ke ra kgumamela setshwantsho sa kgauta seo o se emisitseng.


Daniele, ha a utlwa hoba molao oo o ngodilwe, a ikela tlung ya hae, mme difensetere tsa ntlo e kahodimo ya hae ha di bulehetse nqa Jerusalema, a kgumama ka mangwele hararo ka letsatsi, a rapela, a boka Modimo wa hae, jwalokaha a ne a etsa pele.


Efraime o a imelwa, o tlepenngwa ke kahlolo, hobane o ithatetse ho ya ka taelo eo a iketseditseng yona;


Jwale, utlwa lentswe la Jehova, wena o reng: O se ke wa porofeta hodima Iseraele, o se ke wa bua hodima ntlo ya Isaaka;


Ho ntse ho bolokwa ditaelo tsa Omri le metsamao yohle ya ntlo ya Akabe! le ya ka merero ya bona, hore ke o etse tshenyeho, ke etse le baahi ba Jerusalema sesomo! mme le tla jara sekgobo sa setjhaba sa ka.


Ba re ho yena: Ke la Sesare. Yaba o re: Hommeng! Ntshetsang Sesare tseo e leng tsa Sesare, le ntshetse Modimo tseo e leng tsa Modimo.


Jesu a roma Petrose le Johanne, a re: Eyang, le re lokisetse Paseka, re tle re e je.


Se ahloleng ka ho bona feela, le mpe le ahlole ka kahlolo e lokileng.


Eitse ha ba bona ho tiya ha Petrose le Johanne, athe ba tseba hobane ke batho ba sa rutehang, e le batho feela, ba makala, mme ba lemoha hobane ba kile ba tsamaya le Jesu.


a re: Na ha re a ka ra le laela haholoholo, hore le se ke la ruta ka lebitso leo na? Athe, bonang, le tlatsitse Jerusalema ka thuto ya lona, mme le rata ho tlisa madi a motho eo hodima rona.


Empa Petrose le baapostola ba bang ba araba, ba re: E ka kgona re utlwe Modimo ho ena le batho.


Ke bua le lona kaha le le batho ba nang le kelello; ikahloleleng seo ke se bolelang.


Empa re lahlile dintho tse patwang tse dihlong; mme ha re tsamaye ka mano, ha re tswakanye lentswe la Modimo, empa ka ho hlahisa nnete, re iketsetsa kemelo matswalong a batho bohle pela Modimo.


Bana, utlwang batswadi ba lona Moreneng; hobane ke ntho e lokileng.


Hobane hoo ke ho molemo, ho kgahlehang ho Modimo, Mmoloki wa rona,


Ka tumelo, Moshe, hobane a tswalwe, o kile a patwa ke baholo ba hae ka dikgwedi tse tharo, ha ba mmona hoba ke ngwana e motle, mme ha ba ka ba tshoha molao wa morena wa Egepeta.


ana e ke ke yaba le kgethile ka dipelong tsa lona, mme le ahlotse ka mehopolo e mebe na?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ