Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 4:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Empa hore taba tseo di se ke tsa eketsa ho hosana hara batho, a re ba laeleng ka ho ba sokela hore ba se ke ba boela ba ruta motho, leha a le mong, ka lebitso leo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 Empa hore taba ena e tle se ke ya hasana haholo hara setjhaba, a re ba hlokomediseng ka ditshokelo, hore ba se hlole ba bua le motho le ya mong ka lebitso lena.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

17 Empa hore taba eo e tle e se ke ya ata hara setjhaba, a re ba ekeleng hore ba se ke ba hlola ba bua le motho ka lebitso lena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

17 Empa hore taba eo e tle e se ke ya ata hara setjhaba, a re ba ekeleng hore ba se ke ba hlola ba bua le motho ka lebitso lena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 4:17
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba baholo ba re ho morena: Motho eo a ke a bolawe; hobane o ntse a fokodisa matsoho a bahlabani ba sa setseng motseng ona, le matsoho a setjhaba kaofela, ka ho ba bolella taba tse jwalo; hobane motho eo ha a batlele setjhaba sena molemo, empa e le kotsi.


Empa le nositse banasari veine; haele baporofeta, le ba laetse, la re: Le se ke la porofeta.


Ka baka leo, ako laele hore lebitla le tiiswe, letsatsi la boraro le be le tjhabe, esere mohlomong barutuwa ba hae ba mo utswa, mme ba re ho setjhaba: O tsohile bafung; leshano leo la ho fela le ne le tla fetisa la pele.


Mahlo a tsona a tutuboloha; mme Jesu a di laya haholo, a re: Iponeleng, hore taba eo e se ke ya tsejwa ke motho.


Empa ba tla le etsa tsohle tseo ka baka la lebitso la ka, kahobane ha ba tsebe ya nthomileng.


Jwale, ba ba lokolla ba ntse ba ba sokela, ba sa bone kamoo ba ka ba otlang kateng ka baka la setjhaba; hobane bohle ba ne ba tlotlisa Modimo ka baka la se entsweng.


Moprista e moholo, le molebedi wa tempele, le baprista ba baholo, yare ha ba utlwa dipolelo tseo, ba makala ke bona, ba re: Taba eo e tla fella kae?


a re: Na ha re a ka ra le laela haholoholo, hore le se ke la ruta ka lebitso leo na? Athe, bonang, le tlatsitse Jerusalema ka thuto ya lona, mme le rata ho tlisa madi a motho eo hodima rona.


Le lona benghadi, le ba etse jwalo, mme le tlohele ho ba sokela, ka ho tseba hobane le wa lona Morena o teng mahodimong, le hobane ha a re letho ka tshobotsi ya motho.


Hobane lentswe la Morena ha le tloha ha heno, le dumaetse, e seng Masedonia le Akaea feela, empa tumelo ya lona ho Modimo e hasane kahohle, ya eba ntho eo re sa tshwanelang ho e bolela.


enereha a rohakwa, o ne a sa rohake; ha a ne a utlwiswa bohloko, o ne a sa bope; empa o ne a tshepa ya ahlolang ka ho loka;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ