Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 4:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Eitse ha ba bona ho tiya ha Petrose le Johanne, athe ba tseba hobane ke batho ba sa rutehang, e le batho feela, ba makala, mme ba lemoha hobane ba kile ba tsamaya le Jesu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 Yare ha ba bona sebete sa Petrose le Johanne, ba lemoha le hore ha ba a ruteha, ke batho feela, ba makala. Ba ba ba tseba hore ke ba bileng le Jesu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

13 Yare ha ba bona sebete sa Petrose le Johanne, mme ba lemohile hoba ke batho ba sa rutehang, ba hlokang tsebo, ba hlollwa; mme ba elellwa hore ba kile ba ba le Jesu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

13 Yare ha ba bona sebete sa Petrose le Johanne, mme ba lemohile hoba ke batho ba sa rutehang, ba hlokang tsebo, ba hlollwa; mme ba elellwa hore ba kile ba ba le Jesu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 4:13
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Nakong eo, Jesu a bua, a re: Ke a o rorisa, Ntate, Morena wa lehodimo le wa lefatshe, hobane taba tsena o di patetse ba bohlale le ba masene, mme o di kwaholletse ba banyenyane.


Eitse ha a tswela kgotlwaneng, lekgabunyane le leng la mmona, la re ho ba leng moo: Le enwa o ne a ena le Jesu wa Nasaretha.


Ho se hokaenyana, ba emeng moo ba atamela, ba re ho Petrose: Le wena, o wa bona ruri; hobane puo ya hao e a o bonahatsa.


Jesu a roma Petrose le Johanne, a re: Eyang, le re lokisetse Paseka, re tle re e je.


Jesu ha a bona mmae le morutuwa eo a mo ratang a bapile le yena, a re ho mmae: Mosadi, bona, mora wa hao ke eo.


Bajuda ba makala ke hona, ba re: Na eo o tseba Mangolo jwang, athe ha a ka a ithuta?


Empa bongata boo, bo sa tsebeng molao, bo rohakilwe.


Empa, kahobane ba ne ba bona ya fodisitsweng a eme le bona, ba hloka seo ba ka arabang ka sona.


Empa Petrose le Johanne ba ba araba, ba re: A ho ahlole lona hore na ke taba e lokileng pela Modimo ho utlwa lona ho fetisa Modimo na?


Jwale, Morena, bona ditshokelo tsa bona, mme o nee bahlanka ba hao matla a ho bolela lentswe la hao, ba sa tshabe letho.


Eitse hobane ba rapele, nqalo eo ba phuthehetseng ho yona ya sisinyeha, mme bohle ba tlala Moya o Halalelang, mme ba bolela lentswe la Modimo ka matla.


Yaba Barnabase o mo nka, a mo isa ho baapostola, a ba phetela kamoo a boneng Morena tseleng kateng, a bileng a buile le yena, le kamoo a boletseng lebitso la Jesu ka matla motseng wa Damaseka kateng.


Saule a nna a dula le bona Jerusalema, a ntse a kena, a etswa.


Empa Modimo o ikgethetse tse hlanyang tsa lefatshe, o tle o swabise tse bohlale; mme tse fokolang tsa lefatshe, Modimo o ikgethetse tsona, o tle o swabise tse matla.


Mme ka mokgwa o jwalo, makunutu a pelo ya hae a bonahatswa, mme o tla itihela fatshe ka sefahleho, a rapele Modimo, mme a bolele hore Modimo o hara lona ka sebele.


Jwale, ka baka la ho ba le tebello e kalo, re bolela ka matla a maholo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ