Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 4:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ke yena e leng lejwe le nyatsitsweng ke lona dihahi, le entsweng lejwe la ntlha la motheo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 Jesu ke yena eo e leng “ ‘lejwe le lahlilweng ke lona, dihahi, le fetohileng lejwe la mantlha.’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

11 Enwa ke lejwe le nyatsitsweng ke lona dihahi, le fetohileng hlooho ya sekgutlo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Enwa ke lejwe le nyatsitsweng ke lona dihahi, le fetohileng hlooho ya sekgutlo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 4:11
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Motho e mobe o a balehe, leha a sa phallelwe, empa ba lokileng ba iketlile jwaloka tau e ntjha.


Ka baka leo, Morena Jehova o boletse, a re: Bonang, ke bea lejwe Sione, e be motheo, lejwe le lekilweng, lejwe la ntlha la bohlokwa, le theilweng ka mokgwa o tiileng; ya dumelang ha a na ho baleha.


Hobane bona, lejwe ke lena leo ke le beileng pela Joshua, hodima lejwe leo le le leng ho na le mahlo a supileng. Ke ya le betla, ho bolela Jehova wa makgotla, mme ke tla hlakola bokgopo ba lefatshe lena ka tsatsi le le leng.


A araba, a re ho bona: Efela Elia o tshwanetse ho tla pele, a lokise tsohle; mme ho ngodilwe jwang bakeng sa Mora motho hore e ka kgona a utlwiswe bohloko bo boholo, mme a nyediswe?


Ke ofe moporofeta eo bontata lona ba sa kang ba mo hlorisa? Ba bile ba bolaile le ba boletseng pele ho tla ha Ya lokileng eo le mo ekileng jwale, eo le leng babolai ba hae;


Jwale, ka baka la ho ba le tebello e kalo, re bolela ka matla a maholo.


Ka baka leo, ha re ntse re ena le tshebeletso eo ka mohau o re hlahetseng, ha re tepelle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ