Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 3:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Hobane Moshe o fela a boleletse bontata rona, a re: Morena, Modimo wa lona, o tla le hlahisetsa moporofeta hara banababo lona, ya jwaloka nna; le mo utlwe ditabeng tsohle tseo a tla le bolella tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

22 Moshe a na a re: ‘Hara bana babo lona, Morena, Modimo wa lona, o tla le hlahisetsa Moporofeta ya kang nna. Le tle le mo mamele dinthong tsohle tseo a tla di bua ho lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

22 Hobane Moshe o itse ho bontata lona: Jehova, Modimo wa lona, o tla le hlahisetsa moporofeta hara banababo lona, ya jwaloka nna; yena le tla mo utlwa nthong tsohle tseo a tla le bolella tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

22 Hobane Moshe o itse ho bontata lona: Jehova, Modimo wa lona, o tla le hlahisetsa moporofeta hara banababo lona, ya jwaloka nna; yena le tla mo utlwa nthong tsohle tseo a tla le bolella tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 3:22
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Matshwele a re: Ke Jesu, moporofeta ya tswang Nasaretha wa Galelea.


Empa e ka kgona ke tsamaye kajeno, le hosasane, le kamoso; hobane ha ho lokele hore moporofeta a bolawe kantle ho Jerusalema.


A re ho bona: Dife? Ba re: Tsa Jesu wa Nasaretha, eo e neng e le monna wa moporofeta ya matla mesebetsing le dipolelong tsa hae pela Modimo le pela setjhaba sohle;


Hobane molao o neilwe ka Moshe, mohau le nnete di hlahisitswe ka Jesu Kreste.


Nna, ke tlile lefatsheng, ke le lesedi, hore e mong le e mong ya dumelang ho nna, a se ke a dula lefifing.


Kannetenete ke re ho lona: Ya utlwang lentswe la ka, mme a dumela ya nthomileng, o na le bophelo bo sa feleng; ha a ka ke a tla kahlolong, empa o tlohile lefung ho kena bophelong.


Yaba Jesu o boela a bua le bona, a re: Ke nna lesedi la lefatshe; ya ntatelang a ke ke a tsamaya lefifing, empa o tla ba le lesedi la bophelo.


Esale Moshe eo ya kileng a re ho bana ba Iseraele: Morena, Modimo wa lona, o tla le hlahisetsa moporofeta hara banababo lona, ya jwaloka nna; mo utlweng.


Hobane se neng se sita molao, ke ho fokodiswa ke nama, Modimo o se entse ha o romile Mora wa wona ka nama e tshwanang le ya baetsadibe, le ka baka la sebe, mme o tswile sebe nameng;


bona bao bontate e leng ba bona, bona bao Kreste a tswileng ho bona ka nama, yena ya leng kahodima dintho tsohle, Modimo o bokwang ka ho sa feleng. Amen!


Empa nako ha di phethehile, Modimo o romile Mora wona, ya tswetsweng ke mosadi, a hlahetse pusong ya molao,


Ka baka leo, e ka kgona re ele ka ho fetisisa ditaba tseo re di utlwileng hloko, esebe ra suthela hole le tsona.


Mme jwale, ha a phethehile, o entswe moetsi wa poloko e sa feleng ho bohle ba mo utlwang,


Ke ena tshenolo ya Jesu Kreste, eo a e neileng ke Modimo, ho tsebisa bahlanka ba hae ditaba tse tshwanetseng ho hlaha kapele, tseo a di rometseng ka lengeloi, a bileng a di tshwantshetsa Johanne, mohlanka wa hae,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ