Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 3:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 hore ho tle ho be ho fihle mehla ya kgatholoho ka ponahalo ya Morena, mme a rome Jesu Kreste, ya boletsweng pele ho lona,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 hore ho tle ho tle dinako tsa kgatholoho, tse tswang ho Morena, mme a tle a rome Jesu, eo a le kgethetseng yena e sa le pele ho ba Mesia.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

20 Mme o tla romela Jesu Kreste, eo le mo boleletsweng pele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

20 Mme o tla romela Jesu Kreste, eo le mo boleletsweng pele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 3:20
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hobane Mora motho o tla tla ka kganya ya Ntatae le mangeloi a hae; mme mohlang oo, o tla nea e mong le e mong ka tekanyo ya diketso tsa hae.


Eitse hobane a dule thabeng ya Mehlwaare, barutuwa ba hae ba tla ho yena ba nnotshi, ba re ho yena: Re bolelle nako taba tseo di tla etsahala ka yona, le ntho eo e tla ba pontsho ya ho tla ha hao, le ya ho fela ha lefatshe.


Ke moo ba tla bona Mora motho a etla ka maru, ka matla a maholo le ka kganya.


Eitse ha ba sa mametse taba tseo, Jesu a eketsa ho bolela setshwantsho, hobane a ne a le haufi le Jerusalema, mme ba ne ba lekanya hobane mmuso wa Modimo o tla hlaha kapele.


Ke moo ba tla bona Mora motho a etla ka leru, ka matla le ka kganya e kgolo.


Hobane o beile letsatsi le leng leo o tla ahlola lefatshe ka lona ka ho loka, ka monna eo o mmeetseng hoo, mme o lokiseditse bohle tshepiso ya teng ka ho mo tsosa bafung.


Bakang ke hona, mme le sokolohe, dibe tsa lona di tle di hlakolwe,


eo lehodimo le tshwanetseng ho ba le yena ho be ho fihle mehla ya tokiso ya dintho tsohle, eo Modimo o e boletseng ka melomo ya baporofeta ba halalelang ba wona bohle, haesale le tshimolohong.


Le se ke la phaka la sisinyeha pelong tsa lona, leha e le ho tshoha ke moya, mohlomong ke polelo, kapa ke lengolo leo ho thweng, le tswa ho rona, le ka reng: Letsatsi la Kreste le haufi.


Mme ke moo ho tla hlaha molotsana, eo Morena a tlang ho mo fedisa ka moya wa molomo wa hae, mme o tla mo timetsa ka ponahalo ya ho hlaha ha hae.


ka mokgwa o jwalo, le yena Kreste, ha a setse a ikentse pheko hang ho jara dibe tsa ba bangata, o tla bonwa la bobedi, a se na sebe, ke ba mo lebeletseng hore a ba pholose.


Bonang, o tla ka maru, mme mahlo wohle a tla mmona, le bona ba mo hlabileng; mme ba mefuta yohle ya lefatshe ba tla swaba ka baka la hae. E, Amen!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ