Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 3:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Empa Modimo o phethile jwalo ditaba tseo o neng o di boletse pele ka melomo ya baporofeta bohle ba wona, hore Kreste o tla utlwiswa bohloko.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

18 Empa tseo Modimo a di boletseng e sa le pele, ka melomo ya baporofeta bohle, hore Mesia wa hae o tla hlokofatswa, o di phethahaditse ka wona mokgwa ona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

18 Empa dintho tseo Modimo o di boletseng pele ka melomo ya baporofeta bohle ba hae, hore Kreste o tla hlokofatswa, o di phethile jwalo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

18 Empa dintho tseo Modimo o di boletseng pele ka melomo ya baporofeta bohle ba hae, hore Kreste o tla hlokofatswa, o di phethile jwalo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 3:18
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke tla bea hloyano mahareng a hao le mosadi, le mahareng a peo ya hao le peo ya hae; peo eo e tla o kgoba hlooho, mme o tla e loma serethe.


Ke neile ba nkotlang mokokotlo wa ka, le ba hlothang ditedu ke ba neile marama a ka, ha ke a ka ka patela sefahleho sa ka dihlong le mathe.


Kamora diveke tse mashome a tsheletseng a metso e mmedi motlotsuwa o tla tloswa, ho se motho ya mo emelang; motse o tla senyeha le sehalalelo ke makgotla a morena e mong ya tla tla; bofelo ba wona e tla ba morwallo, mme dintwa di tla ba teng ho isa qetellong; ditshenyo tseo di se di laotswe.


Ke tla tshela moya wa mohau le wa merapelo hodima ntlo ya Juda le hodima baahi ba Jerusalema; mme ba tla tadima ho nna eo ba mo hlabileng. Ba tla mo llela, jwalokaha ho llelwa mora ya tswetsweng a nnotshi, ba hlomohe habohloko hodima hae, jwalokaha ho hlomohuwa hodima mora wa letsibolo.


Wena lerumo, tsohela modisa wa ka, e leng monna e leng mohaeso, ho bolela Jehova wa makgotla. Otla modisa, dinku di tle di qhalane; empa ke tla busa letsoho la ka hodima ba banyenyane.


A ntoo re ho bona: Ke tsona ditaba tseo nkileng ka le bolella tsona, ha ke sa na le lona, ka re: Tsohle tseo ke ngodilweng ka tsona molaong wa Moshe le baporofeteng le dipesalemeng, e ka kgona di etsahale.


Baporofeta bohle ba mmoletse ka taba ya hore, e mong le e mong ya dumelang ho yena, o tla bona tshwarelo ya dibe ka lebitso la hae.


o teletswe lefu ka morero o tiileng wa Modimo, le ka ho itsebela pele ha wona, mme le mo thakgisitse ka matsoho a bakgopo, le mmolaile.


Eitse hobane ba mmeele letsatsi, ba tla ho yena ba le bangata moo a dutseng teng, mme a ba bolella, a paka tsa mmuso wa Modimo ho bona, a leka ho ba kgodisa bakeng sa Jesu, a isa ka molao wa Moshe le baporofeta, a qala hosasa ho fihlela mantsiboya.


Hobane haesale, boporofeta ha bo a ka ba tliswa ke ho rata ha motho, empa ke ka tshusumetso ya Moya o Halalelang batho ba halalelang ba Modimo ba buileng.


Yaba ke wela maotong a lona ho le kgumamela. Empa la re ho nna: O se ke wa etsa hoo; hobane ke molekane wa hao wa tshebeletso, le wa banabeno ba ba nang le bopaki ba Jesu; kgumamela Modimo: hobane bopaki ba Jesu ke Moya wa boporofeta.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ