Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 3:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Le latotse Ya halalelang, Ya lokileng, mme le qetse hore le sitswe ka mmolai.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Empa lona le hanne Ya Halalelang, Ya Lokileng, la kopa hore le lokollelwe monna wa mmolai.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

14 Empa le latotse Mohalaledi le Ya lokileng, mme la kopa hore le newe mmolai;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Empa le latotse Mohalaledi le Ya lokileng, mme la kopa hore le newe mmolai;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 3:14
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

hobane o ke ke wa tlohela moya wa ka nqalong ya bafu, o ke ke wa dumela hoba mokgethwa wa hao a bone ho bola.


Nyakalla haholo, moradi wa Sione, o tshele ditlatse, moradi wa Jerusalema! Bona, morena wa hao ke enwa; o tla ho wena; ke ya lokileng, ya nang le poloko, ke ya ikokobetsang, ya kaletseng esele, e leng petsana, namane ya esele e tshehadi.


Empa baprista ba baholo le baholo ba hlohlelletsa bongata hore ba kope Barabase, Jesu yena a bolawe.


a re: Taba ya rona le wena ke efe, wena Jesu wa Nasaretha? Hleka o tlile ho re timetsa na? Ke a o tseba, o Mohalaledi wa Modimo.


Empa baprista ba baholo ba hlohlelletsa bongata hore a ba lokollele Barabase.


Ho ne ho na le e mong, ya bitswang Barabase, ya holehilweng le ba bang ba entseng moferefere, ba bolaile motho moferefereng.


Lengeloi la araba, la re ho yena: Moya o Halalelang o tla theohela hodima hao, mme matla a Ya hodimodimo a tla o kgurumetsa; ka baka leo, ho halalelang ho tla tswalwa ke wena ho tla bitswa Mora Modimo.


A ba lokollela ya qetsweng ke bona, ya neng a kenntswe teronkong ka baka la moferefere le la polao; mme a ba neela Jesu hore a etswe kamoo ba ratang kateng.


ho loka ho teng, hobane ke ya ho Ntate, mme le ke ke la hlola le mpona;


Ba boela ba howa bohle, ba re: E seng yena; e mpe e be Barabase. Athe Barabase e ne e le sesenyi.


Leha ba sa ka ba fumana ho yena molato o tshwanetsweng ke lefu, ba qela ho Pilato hore a bolawe.


Hobane o ke ke wa tlohela moya wa ka nqalong ya bafu; mokgethwa wa hao o ke ke wa mo lesa hore a bone ho bola.


A re: Modimo wa bontata rona o ikgethetse wena ho tseba thato ya wona, le ho bona Ya lokileng, le ho utlwa lentswe la molomo wa hae.


Hobane efela Heroda, le Ponse Pilato, le baditjhaba, le meloko ya Iseraele e kopane hammoho ho lwantsha Jesu, mohlanka wa hao ya halalelang, eo o mo tlotsitseng;


a re: Na ha re a ka ra le laela haholoholo, hore le se ke la ruta ka lebitso leo na? Athe, bonang, le tlatsitse Jerusalema ka thuto ya lona, mme le rata ho tlisa madi a motho eo hodima rona.


Ke ofe moporofeta eo bontata lona ba sa kang ba mo hlorisa? Ba bile ba bolaile le ba boletseng pele ho tla ha Ya lokileng eo le mo ekileng jwale, eo le leng babolai ba hae;


Hobane ya sa kang a tseba sebe, Modimo o mo entse sebe ka baka la rona, re tle re bewe ka yena ba lokileng pela Modimo.


Le tswile, mme le bolaile ya lokileng, mme ha a ka a itwanela.


Hobane le yena Kreste o ne a utlwiswe bohloko hang ka baka la dibe; yena ya lokileng o bolaetswe bakgopo, hore a tsebe ho re tlisa ho Modimo; o shwele ka nqeng ya nama, empa o phedisitswe ka nqeng ya moya.


Bana ba ka, ke le ngolla taba tseo, le tle le se ke la etsa sebe. Ekare ha motho a entse sebe, re na le moemedi pela Ntate: ke Jesu Kreste ya lokileng.


Ngolla lengeloi la kereke ya Filadelfia, o re: Ya halalelang, Wa nnete, ya tshwereng senotlolo sa Davida, ya bulang, mme ho se ya ka kwalang, ya kwalang, mme ho se ya ka bulang, o bolela tsena, o re:


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ