Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 28:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ntata Publiuse o ne a robetse fatshe, a jewa ke febere le ke ho tsholla. Pauluse a mo tjhakela, mme hobane a rapele, a mmea matsoho hodimo, a mo fodisa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 Jwale ha etsahala hore ntata Poboleose a robale fatshe, a tshwerwe ke feberu le letshollo le lefubedu. Paulosi a kena, a rapela, a mmea matsoho, mme a mo fodisa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

8 Eitse ha ntata Publiase a robetse, a tshwerwe ke feberu le ke phallo ya madi; Pauluse a kena ho yena, a rapela, a mmea matsoho hodima hae, a mo fodisa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Eitse ha ntata Publiase a robetse, a tshwerwe ke feberu le ke phallo ya madi; Pauluse a kena ho yena, a rapela, a mmea matsoho hodima hae, a mo fodisa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 28:8
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yare ha a bileditse ho yena barutuwa ba hae ba leshome le metso e mmedi, a ba nea matla a ho hlola meya e ditshila, ho e lahlela ntle, le ho fodisa malwetse wohle le mefokolo yohle.


Fodisang ba kulang, le tsose bafu, le ntlafatse balepera, le lahlele batemona ntle; le neilwe feela, neang feela.


Yaba o re ho motho eo: Otlolla letsoho la hao. A le otlolla, mme la fola, la boela la loka jwaloka le leng.


A re a sa ba bolella ditaba tseo, hang, kgosana ya fihla, ya mo kgumamela, ya re: Moradi wa ka o tswa shwa hona jwale; empa tloo, o bee seatla sa hao hodima hae, mme o tla boela a phele.


ba tla tshwara dinoha, mme leha ba nwele ntho e ka ba bolayang, ha e ka ke ya ba etsa letho; ba tla bea matsoho hodima ba kulang, mme ba tla fola.


a mo rapela haholo, a re: Ngwanana wa ka o se a le makgatheng a ho shwa; ako tle, o mmee matsoho hodimo, a tle a fole, mme o tla phela.


A sitwa ho etsa mohlolo moo, haese wa ho fodisa ba kulang ba se ba kae, ka ho ba bea matsoho hodimo.


Mme ba tlisa ho yena motho ya sa utlweng, ya semumu, mme ba rapela Jesu hore a mmee letsoho hodimo.


A ba a mmea matsoho. Yaba mosadi o phakisa a inamoloha, a rorisa Modimo.


Letsatsi ha le dikela, bohle ba nang le ba jewang ke malwetse a mefuta, ba ba tlisa ho yena; a bea matsoho a hae hodima e mong le e mong, a ba fodisa.


Mabapa le moo, ho ne ho le naha ya moholo wa sehlekehleke, ya bitswang Publiuse; le yena a re amohela hantle, a re nkela tlung ya hae ka matsatsi a mararo.


Tseo ha di le jwalo, bohle ba sehlekehlekeng ba kulang ba tla, mme ba fodiswa.


Petrose a re, ba ke ba tswele ntle kaofela; yaba o kgumama ka mangwele, a rapela, a ntoo retelehela ho setopo, a re: Tabitha, tsoha! Yaba eo o tutubolla mahlo, mme ha a bona Petrose, a dula.


Mme bao Modimo o ba beileng kerekeng, pele ke baapostola, ba bobedi ke baporofeta, ba boraro ke baruti, ho ntoo ba ba mehlolo, le dineo tsa phodiso, le ditshebeletso, le ditsamaiso, le mefuta ya dipuo.


E mong o fuwa tumelo ke wona Moya oo; e mong o fuwa ke Moya wona oo dineo tsa ho fodisa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ