Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 28:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Leha ho le jwalo, re tshwanetse ho utlwa ho wena tseo o di hopotseng; hobane haele thuto eo, re a tseba hore e hanwa kahohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

22 Empa re fumana ho lokela ho utlwa tseo wena o di hopolang, hobane seo re se tsebang ke hore, ha e le mokga ona, o hanyetswa hohle.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

22 Empa re lakatsa ho utlwa ho wena seo o se nahanang;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

22 Empa re lakatsa ho utlwa ho wena seo o se nahanang;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 28:22
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O bone taba tse ngata, empa ha o a ka wa di lemoha; ditsebe di ne di thibolotswe, empa o ne o sa mamele.


Simeone a ba hlohonolofatsa, a re ho Maria, mma ngwana: Bona, ngwana enwa o beetswe ho wa le ho tsoha ha ba bangata Iseraeleng, le ho ba pontsho e hanyetswang;


Yaba ba bang ba thuto ya bafarisi ba dumetseng ba ema, ba re: E ka kgona baditjhaba ba bolle, mme ba laelwe ho boloka molao wa Moshe.


Seo nka ipolelang ho wena ka sona, ke sena: Haele thuto eo ba reng ke thuto e kgelohileng, ke fela ke sebeletsa Modimo wa bontate ka yona, ke ntse ke dumela ditaba tsohle tsa molao le tse ngodilweng baporofeteng.


Erekaha e le kgale ba ntseba, ha ba rata ho bolela nnete, ba ka bolela hobane ke phetse ka mokgwa wa bafarisi oo e leng wona mokgwa o nepehileng ka ho fetisa thutong ya rona.


Yaba moprista e moholo o a ema, le bohle ba nang le yena, e leng ba thuto ya basadusi, ba tletse mona;


Ke simolla ka ho leboha Modimo wa ka ka Jesu Kreste ka baka la lona bohle, kahobane tumelo ya lona e roriswa lefatsheng lohle.


hobane dikgaohano le tsona e ka kgona di be teng hara lona, hore ho tle ho bonahale bao e leng ba sebele hara lona.


le be le motsamao o motle hara bahetene, hore tabeng tseo ba le sebang ho tsona, jwaloka hola le le disenyi, ba rorise Modimo mohla o ba etelang, ha ba bontshisa mesebetsi ya lona e metle.


Le be le letswalo le letle, hore, tabeng tsona tseo ba le etselletsang ho tsona, jwaloka hoja le le disenyi, bona bao ba sebang metsamao ya lona e metle ho Kreste ba hlajwe ke dihlong.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ