Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 28:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Babarebare ba teng ba re etsa ka mohau o moholo; hobane ba re amohela bohle, ba ba ba re besetsa mollo o moholo ka baka la pula e neng e ena, le ka baka la serame.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 Baahi ba teng ba re bontsha mosa o moholo. Ka baka la pula e neng e ena, le ka baka la mohatsela, ba besa mollo, ba re amohela bohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

2 Basele ba re etsetsa mohau o moholo, hobane ba besitse mollo, ba re amohela bohle ka baka la pula e neng e ena le serame.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Basele ba re etsetsa mohau o moholo, hobane ba besitse mollo, ba re amohela bohle ka baka la pula e neng e ena le serame.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 28:2
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba batho bohle ba Juda le ba Benjamine ba phuthehela Jerusalema ka tshiu tse tharo, e le ka kgwedi ya boroba mono o le mong, ka letsatsi la mashome a mabedi la kgwedi; setjhaba sohle sa tla, sa dula lepatlelong le pela ntlo ya Modimo, se ntse se thothomela ka baka la taba e leng teng le ka baka la dipula.


O se ke wa iphetetsa, mme o se ke wa bolokela bana ba setjhaba sa heno lonya. Rata wa heno jwalokaha o ithata. Ke nna Jehova.


le etse moditjhaba jwalokaha le etsa ya tswaletsweng ha habo lona, mme le mo rate jwalokaha le ithata, hobane le ne le le baditjhaba naheng ya Egepeta. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.


E mong le e mong ya nosang e mong wa ba banyenyane bana mohope feela wa metsi a batang, kahoba a ena le lebitso la morutuwa wa ka, kannete ke re ho lona: a ke ke a timellwa ke moputso wa hae.


Bahlanka le manqosa ba ne ba le moo, ba besitse mollo, kahobane ho ne ho hatsetse, mme ba ne ba ikomosa; le yena Petrose o ne a eme le bona, a ikomositse.


Hosasane, ra fihla Sidone, mme Juliuse a etsa Pauluse hantle, a mo dumella ho ya bona metswalle ya hae, hore a baballwe ke yona.


Empa Pauluse, hobane a rwalle ditjhatjhana tsa dithupana tsa morara, a di akgela mollong; yaba noha e tswa teng ka baka la ho futhumala, ya kgomarela letsoho la hae.


Babarebare ha ba bona noha eo e leketla letsohong la hae, ba bolellana, ba re: Ruri motho enwa ke mmolai; hobane, leha a pholohile metsing, tefetso ya lehodimo e hana hoba a ka phela.


Ke molato ho Bagerike le ho babarebare, ho ba bohlale le ho ba mawatla.


Haele ya fokolang tumelong, le mo amohele, e seng ho fapanyetsana ditaba le yena ka kgang.


Ya jang tsohle a se ke a nyedisa ya sa jeng tsohle, mme ya sa jeng tsohle le yena a se ke a ahlola ya jang tsohle; hobane Modimo o mo amohetse.


Mme eo e sa leng a hlaha a sa ka a bolla, ekare ha a etsa ka molao, na a ke ke a o ahlola, wena ya tlolang molao, leha o na le letere ya molao le lebollo na?


Mme ekare ha ke sa tsebe hoba puo e reng, nka ba mobarebare ho ya buang, le ya buang e ka ba mobarebare ho nna.


Ka ba ditsietsing le bothateng, ka hloka boroko hangata, ka lapa, ka nyorwa, ka itima dijo hangata, ka hatsela, ka senyehelwa ke dikobo.


Mona, ha ho Mogerike, leha e le Mojuda, leha e le lebollo, leha e le boqai, leha e le mobarebare, leha e le Moskitha, leha e le ya ruilweng, leha e le ya sa ruwang; empa Kreste e le ntho tsohle, le ho bohle.


Le se ke la lebala ho amohela baeti; hobane ba bang, ka ho etsa jwalo, ba amohetse mangeloi ha bona, ba sa tsebe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ