Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 27:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 la re: Pauluse, o se ke wa tshaba; e ka kgona o hlahe pela Sesare, mme bona, Modimo o o neile bohle ba etang le wena sekepeng sena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

24 la re: ‘Paulosi, o se ke wa tshaba; o loketse ho ya hlaha kapele ho Sesare, mme ka baka la hao, Modimo o tla pholosa bohle ba tsamayang le wena ka sekepe.’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

24 A re: Se tshabe, Pauluse; e ka kgona o iswe pela Sesare, mme bona, Modimo o o neile bohle ba tsamayang le wena ka sekepe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

24 A re: Se tshabe, Pauluse; e ka kgona o iswe pela Sesare, mme bona, Modimo o o neile bohle ba tsamayang le wena ka sekepe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 27:24
35 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke tla o etsa setjhaba se seholo, ke o hlohonolofatse, mme ke tla hodisa lebitso la hao, mme o tla fetohela ba bang lehlohonolo.


Kamora taba tsena, lentswe la Jehova la fihla ho Abrame ka pono, la re: Se tshabe, Abrame; ke nna thebe ya hao, mme moputso wa hao o tla ba moholoholo.


E ne eitse ha Modimo o timeletsa metse ya lehwatata, Modimo wa hopola Abrahama, mme wa phonyosa Lota tshenyong eo o sentseng ka yona metse eo Lota a neng a ahile ho yona.


Labane a re ho yena: A nke ke fumane mohau mahlong a hao, hobane ke lemohile hoba Jehova o ntlhohonolofaditse ka baka la hao.


Mong a ntlo ya teronko o ne a sa hlahlobe letho la dintho kaofela tse leng matsohong a hae, hoba Jehova o ne a na le yena, mme seo a neng a se etsa, Jehova o ne a mo atlisetsa sona.


Ha a se a mo entse molaodi wa ntlo ya hae le wa tsohle tseo a nang le tsona, Jehova a hlohonolofatsa ntlo ya Moegepeta ka baka la Josefa, mme lehlohonolo la Josefa la eba ho tsohle tseo a nang le tsona ka tlung le naheng.


Yaba o re: Ke nna Modimo, Modimo wa ntatao; o se ke wa tshaba ho theohela Egepeta, hobane ke tla o etsa setjhaba se seholo teng.


Elia a re ho yena: Se tshabe; etsa kamoo o boletseng kateng, o mpe o etsetse nna senkgwanyana pele, o ntlisetse sona; kamorao, o etsetse wena le mora hao.


Eo a re: Se tshabe, hobane ba nang le rona ba feta ba nang le bona ka bongata.


Sebe sa hao se ka senya motho ya jwaloka wena feela, ho loka ha hao ho ka thusa ngwana wa motho feela.


O atametse tsatsing leo ke bitsitseng ho wena, wa re: O se ke wa tshaba.


Yaba Daniele o kena ho Arioke eo morena a mo neileng taelo ya ho bolaya babohlale ba Babilona; a fihla, a re ho yena: O se ke wa timetsa babohlale ba Babilona, o mpe o nkise pela morena, mme ke tla tsebisa morena kwahollo ya toro.


Masala a Jakobo a tla ba hara ditjhaba tse ngata jwaloka phoka e tswang ho Jehova, jwaloka marothodi a hodima jwang, a sa lebelleng taelo ya motho, a seng molaong wa bana ba batho.


Hape, le tla iswa pela babusisi, le pela marena, ka baka la ka, le be dipaki tsa ka ho wona le ho ditjhaba.


Le se ke la tshaba ba bolayang mmele, ba mpa ba se na matla a ho bolaya moya; le mpe le tshabe ya nang le matla a ho bolaela moya le mmele diheleng.


Jesu a araba, a re: Na hora ha di leshome le metso e mmedi ho letsatsi le le leng na? Ekare ha motho a tsamaya motshehare, a ke ke a kgoptjwa, kahobane o bona lesedi la lefatshe lena.


Kamora tseo, Pauluse a rera, ka kgopotso ya Moya, ho ya Jerusalema, ka tsela ya Masedonia le ya Akaea, a re: Etlare ha ke ile teng, e ka kgona ke bone le Roma.


Bosiung bo hlahlamang, Morena a ipontsha ho yena, a re: Tiisa matla, Pauluse, hobane jwalokaha o pakile taba tsa ka Jerusalema, e ka kgona o di pake jwalo le Roma.


Ha ekaba ke entse ho kgopo ho e mong, kapa ha ke entse ho hong ho tshwanelang lefu, ha ke hane ho shwa; empa ha ho se nnete tabeng tseo ba nqosang ka tsona, ha ho motho ya ka nneang bona; ke ipea ho Sesare.


Yaba Pauluse o re ho molaodi wa lekgolo le ho bahlabani: Ekare ha bao ba sa dule sekepeng, le ke ke la pholoha.


Ha ho balwa bohle ba neng ba le ka sekepeng, re ne re le batho ba makgolo a mabedi a nang le mashome a supileng a metso e tsheletseng.


Jwale, bahlabani ba rata ba ka bolaya batlamuwa, e se be mohlomong ba bang ba ka thoba ka ho sesa.


ba bang ba ithuse ka mamati, ba bang ka difate tse ding tsa sekepe; ka mokgwa oo, bohle ba fihla fatshe, ba pholoha.


Empa Morena a re ho yena: Eya, hobane eo ke lefiso leo ke ikgethetseng lona, ho isa lebitso la ka ho baditjhaba, le ho marena, le ho bana ba Iseraele;


Hape, o ntokisetse ntlo; hobane ke tshepile hore ke tla le newa ka merapelo ya lona.


Bolellanang ditshito tsa lona, mme le rapellane, le tle le fole. Thapelo ya ya lokileng e na le matla a maholo ho sebetseng ha yona.


Eitse ha ke mmona, ka wela maotong a hae, yaka ke shwele. A bea letsoho la hae le letona hodima ka, a re ho nna: Se tshabe; ke nna wa pele le wa morao, mme ke a phela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ