Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 27:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Jwale, moya wa borwa ha o qala ho foka butle, ba lekanya hobane ba se ba bone seo ba se pheheletseng, mme ba tloha, ba sika le Kreta.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 Yare ha moya wa borwa o foka butle, mme ba hopola hore ba fihletse morero wa bona, yaba ba kgokgotholla sekepe, ba tsamaya ba sikile le lebopo, haufi le Kerete.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

13 Eitse hobane moya wa borwa o foke butle, ba lekanya hore ba fihletse morero wa bona, ba tloha teng, ba tsamaya haufi le Kreta.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

13 Eitse hobane moya wa borwa o foke butle, ba lekanya hore ba fihletse morero wa bona, ba tloha teng, ba tsamaya haufi le Kreta.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 27:13
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Na o utlwisisa kamoo diaparo tsa hao di nkang mofuthumela kateng, ha o etsa lefatshe lebatama ka moya wa borwa na?


Wa fokisa moya wa botjhabela sebakeng, ka matla a wona wa tlisa moya wa borwa,


Moya wa leboya, tsoha; tloo le wena, moya wa borwa, o fokele serapeng sa me; dinonetso tsa sona di ntshe monko wa tsona! Moratuwa wa me a ke a kene serapeng sa hae, a latswe ditholwana tse monate tsa sona.


Ere ha le bona ha foka moya o tswang nqa Borwa, le re: Ho tla futhumala. Mme ho fele ho be jwalo.


Bakreta, le Baarabia, kaofela ha rona re ba utlwa jwang ba bolela dimakatso tsa Modimo ka puo tsa rona?


Mme kahobane sekepe se ne se sa tshwanela ho dula koung eo mariha, ba bangata ba phehella ho tloha teng le ho leka ho ya hlola mariha Fenikse, e leng kou ya Kreta, e lebaneng le moya wa bophirimela ba borwa le wa bophirimela ba leboya.


Erekaha e ne e se e le kgale ho sa jewe, Pauluse a ema hara bona, a re: Efela, banna, hoja la ntumela, le se ke la tloha Kreta, tshenyeho le tahleho ena e ka be e sa ka ya hlaha.


Eitse ha re ntse re sika le lebopo kathata, ra fihla moo lebitso la teng e leng Kou-e-ntle, haufi le motse wa Lasea.


E mong wa habo bona, e bileng moporofeta wa bona, o itse: Bakreta ke mahata kamehla, ke diphoofolo tse mpe, ke dimpa tse botswa.


Taba eo ke o siileng Kreta ba baka la yona, ke hore o qetelle ho lokisa tse esong ho lokiswe, mme o bee baholo metseng yohle, jwalokaha nkile ka o laela;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ