Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 27:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Eitse hobane ho laelwe hore re ye Italia ka sekepe, ba neela Pauluse le batlamuwa ba bang ho molaodi e mong wa lekgolo, ya bitswang Juliuse, wa lekgotla la Augusto.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Ha ho se ho rerilwe hore re tshele ka sekepe ho ya Italia, Paulosi le batshwaruwa ba bang ba neelwa molaodi e mong wa ba lekgolo, ya bitswang Juliase, wa lebotho le bitswang la Motlotlehi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

1 Eitse hobane ho laolwe hore re ye Italia ka sekepe, ba neela Pauluse le batshwaruwa ba bang ho molaodi wa lekgolo, ya bitswang Juliase, wa sehlopha sa Augustus.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Eitse hobane ho laolwe hore re ye Italia ka sekepe, ba neela Pauluse le batshwaruwa ba bang ho molaodi wa lekgolo, ya bitswang Juliase, wa sehlopha sa Augustus.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 27:1
29 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Lona, le na be le hopotse ho nketsa hampe, kanthe Modimo o rerile molemo, hore o etse se hlahileng kajeno lena, o pholose tjhaba se sengata.


Merero ya Jehova e tiile ka ho sa feleng, mehopolo ya pelo ya hae e eme ka ho sa yeng kae.


Kgalefo ya motho e tla o fetohela thoriso; ka kgalefo e setseng ho wena o tla itlama letheka.


Mehopolo e mengata ka pelong ya motho, empa morero wa Jehova ke wona o tiyang.


Ho molemo ho motho ha a jara joko botjheng ba hae.


Baahi bohle ba lefatshe ba jwaloka lefeela pela hae, o etsa ka makgotla a lehodimo le ka baahi ba lefatshe kamoo a ratang kateng, ha ho e mong ya ka thibelang letsoho la hae, a re ho yena: O etsang na?


Molaodi wa lekgolo, le ba nang le yena, ba ntseng ba lebela Jesu, ha ba bona tshisinyeho ya lefatshe le tse hlahileng, ba tshoha haholo, ba re: Eo e ne e le Mora wa Modimo ruri!


Yare molaodi wa lekgolo ha a bona se hlahileng, a rorisa Modimo, a re: Ruri motho eo o ne a lokile!


Molaodi wa lekgolo o ne a ena le mohlanka ya kulang, ya leng makgatheng a ho shwa, eo a mo ratang haholo.


Monna o ne a le teng Sesarea, lebitso la hae e le Kornele, e le molaodi wa lekgolo lekgotleng le bitswang la Italia.


Ba re: Kornele, molaodi wa lekgolo, monna ya lokileng, ya tshabang Modimo, ya roriswang ke setjhaba kaofela sa Bajuda, o laetswe ke Modimo ka lengeloi le halalelang, ho o biletsa tlung ya hae, a tle a utlwe seo o tla mmolella sona.


Yare ha a bone pono eo, ra itokisetsa hang ho ya Masedonia ka ho re, Morena o re bileditse teng, ho ya ba bolella Evangeli.


Teng, a fihlela Mojuda e mong, ya bitswang Akila, ya tswaletsweng Ponto; o ne a sa tswa tloha Italia, a ena le Prisilla, mosadi wa hae; hobane Klaude o ne a laetse hore Bajuda bohle ba tlohe Roma; mme Pauluse a tla ho bona.


Kamora tseo, Pauluse a rera, ka kgopotso ya Moya, ho ya Jerusalema, ka tsela ya Masedonia le ya Akaea, a re: Etlare ha ke ile teng, e ka kgona ke bone le Roma.


A phakisa a tla le bahlabani le balaodi ba makgolo, a theohela ho bona; mme eitse ha ba bona molaodi wa sekete le bahlabani, ba lesa ho otla Pauluse.


Yare ha molaodi wa lekgolo a utlwa hoo, a ya bolella molaodi wa sekete, a re: O iponele ho seo o ya se etsa; hobane motho eo ke Moroma.


Bosiung bo hlahlamang, Morena a ipontsha ho yena, a re: Tiisa matla, Pauluse, hobane jwalokaha o pakile taba tsa ka Jerusalema, e ka kgona o di pake jwalo le Roma.


Pauluse a bitsa e mong wa balaodi ba lekgolo, a re ho yena: Isa mohlankana enwa ho molaodi wa sekete; hobane o na le taba eo a tla mmolella yona.


Mme a laela molaodi wa lekgolo, hore Pauluse a lebelwe, empa e be ka ho mmaballa, ho se ke ha hanelwa motho ho ba habo ho mo sebeletsa, leha e le ho tla ho yena.


Yaba Festuse o kopanya molomo le lekgotla, a ntoo re ho yena: O ipeile ho Sesare, o tla ya ho Sesare.


Haele nna, ha ke se ke fihletse hore ha a ka a etsa letho le tshwanetseng lefu, le yena ha a se a ipeile ho morena e moholo, ke ahlotse ho mo romela ho yena.


Empa molaodi wa lekgolo a dumela motsamaisi wa sekepe le monga sona ho feta se bolelwang ke Pauluse.


Empa molaodi wa lekgolo, kahobane a ne a rata ho pholosa Pauluse, a ba thibela, mme a laela hore ba tsebang ho hlapa ba itihele pele, ba hlapele fatshe,


Molaodi wa lekgolo a fihlela teng sekepe sa Aleksandria se yang Italia, mme a re kenya ho sona.


Yare hobane ba pholohe jwalo, ba fihlela hoba sehlekehleke seo se bitswa Melita.


Mohla re fihlang Roma, molaodi wa lekholo a neela batlamuwa matsohong a molaodi wa bahlabani; Pauluse yena a leselwa, a dula a nnotshi le mohlabani ya mo lebelang.


Ntumedisetseng badisa bohle ba lona le bahalaledi bohle. Ba Italia ba le dumedisa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ