Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 26:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Erekaha e le kgale ba ntseba, ha ba rata ho bolela nnete, ba ka bolela hobane ke phetse ka mokgwa wa bafarisi oo e leng wona mokgwa o nepehileng ka ho fetisa thutong ya rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 Kaha ba ntsebile ho tloha kgale, haeba ba rata ba ka paka hore ke ile ka phela ke le Mofarisi, ke le wa mokga wa tumelo ya rona, o ditaelo di thata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

5 Ba ntseba ho tloha qalong, ha ba rata ho paka, ba re, ke ne ke phela ke le Mofarisi, ka mokgwa wa lequloana le thata la borapedi ba rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Ba ntseba ho tloha qalong, ha ba rata ho paka, ba re, ke ne ke phela ke le Mofarisi, ka mokgwa wa lequloana le thata la borapedi ba rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 26:5
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba ba bang ba thuto ya bafarisi ba dumetseng ba ema, ba re: E ka kgona baditjhaba ba bolle, mme ba laelwe ho boloka molao wa Moshe.


Yaba o re: Nna, ke Mojuda, ya tswaletsweng Tarese wa Silisia; ke mpa ke holetse motseng wona maotong a Gamaliele; ka rutwa ka mokgwa o fetisisang ho ya ka molao wa bontata rona, ka ba le tjheseho ho Modimo jwaloka lona kaofela kajeno.


kamoo le yena moprista e moholo a ka pakang kateng, le phutheho ya baholo kaofela; hobane ke ne ke nke le mangolo ho bona, ho a isa ho ba heso ba Damaseka, ka ba ka ya teng ho tlama ba thuto eo ba ahileng teng, le ho ba tlisa Jerusalema, hore ba otlwe.


Jwale Pauluse ka ho tseba hore ba bang ho bona ke basadusi, ba bang ke bafarisi, a phahamisa lentswe hara lekgotla, a re: Banna ba heso, nna ke mofarisi, mora wa mofarisi, ke ahlolwa ka baka la tshepo le la tsoho ya bafu.


Seo nka ipolelang ho wena ka sona, ke sena: Haele thuto eo ba reng ke thuto e kgelohileng, ke fela ke sebeletsa Modimo wa bontate ka yona, ke ntse ke dumela ditaba tsohle tsa molao le tse ngodilweng baporofeteng.


Re re, re fihletse monna enwa e le lefu, o ferekanya Bajuda bohle ba ahileng lefatsheng lohle: ke hlooho ya thuto e kgelohileng ya Banasaretha.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ