Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 26:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Ke tla o lwela setjhabeng sena, le ditjhabeng tseo ke o romelang ho tsona jwale,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 Ke tla o namolela ho Bajuda le ho baditjhaba, bao nna ke o romang ho bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

17 Ke o lopolla ho batho le ho Baditjhaba, bao jwale ke o romelang ho bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

17 Ke o lopolla ho batho le ho Baditjhaba, bao jwale ke o romelang ho bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 26:17
36 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ereng: Re lopolle, Modimo wa topollo ya rona, o re bokelle hammoho, o re ntshe hara ditjhaba, re tle re binele lebitso la hao le halalelang, mme re ithorise ka ho o roka.


Mahlomola a ya lokileng a mangata; empa Jehova o mo ntsha ho wona kaofela;


Ba tla o lwantsha, empa ba ke ke ba o hlola, hobane ke na le wena ho o namolela, ho bolela Jehova.


O se ke wa ba tshaba, hobane ke na le wena ho o namolela, ho bolela Jehova.


hobane ha o rongwe ho setjhaba se puo e tebileng, se leleme le thata; o mpa o rongwa ho ba ntlo ya Iseraele.


Empa Bajuda ba hlohlelletsa basadi ba hlomphuwang, ba tshabang Modimo, le baholo ba motse; ba tsosetsa Pauluse le Barnabase hloriso, mme ba ba leleka naheng ya bona.


Ba tla, ba ba rapela, mme eitse hobane ba ba ntshetse ntle, ba ba kopa hore ba tlohe motseng.


Empa bosiu, baena ba phakisa ba isa Pauluse le Silase Berea. Hobane ba fihle teng, ba kena sinagogeng ya Bajuda.


Yaba baena ba ntsha Pauluse kapele, jwaloka hoja ho uwa lewatleng, empa Silase le Timothea ba sala teng.


hobane ke na le wena, mme ha ho e mong ya tla bea letsoho la hae ho wena ho o etsa hampe; hobane ke na le batho ba bangata motseng ona.


ba kopa hore a ba thabise ka ho mo romela Jerusalema, kanthe ba mo laletse, hore ba tle ba mmolaye tseleng.


Tsebang jwale hore poloko eo ya Modimo e romelwa ditjhabeng, mme di tla e utlwa.


Empa Morena a re ho yena: Eya, hobane eo ke lefiso leo ke ikgethetseng lona, ho isa lebitso la ka ho baditjhaba, le ho marena, le ho bana ba Iseraele;


Ke bolella lona baditjhaba, kahobane ke le moapostola wa baditjhaba, mme ke rorisa kabelo ya ka;


ke tle ke be monemotse wa Jesu Kreste hara baditjhaba, ka ho phetha tsa boprista ba Evangeli ya Modimo, hore kabelo ya baditjhaba e tle e be e natefelang Modimo, e ntse e halaletswe ke Moya o Halalelang.


Jakobo, le Kefase, le Johanne, eitse ha ba lemoha mohau oo ke o neilweng, ba re nea matsoho a bolekane, nna le Barnabase, hore rona re ikele ho baditjhaba, mme bona ba ye ho ba lebollo.


boo ke beilweng mmoledi le moapostola ka baka la jona — ke bolela nnete ka Kreste, ha ke etse leshano — le moruti wa baditjhaba ho ba isa tumelong le nneteng.


eo ke beilweng mmoledi le moapostola wa yona, le moruti wa ditjhaba.


le dihloriso le tse bohloko tse kileng tsa ntlhahela Antioke, le Ikone, le Listra, le dihloriso dife le dife tseo ke di mameletseng; empa Morena o ntwetse ho tsona kaofela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ