Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 25:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Pauluse yena a nna a ikarabela, a re: Ha ke a ka ka sitelwa molao wa Bajuda, leha e le tempele, leha e le Sesare.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 Paulosi a ikarabella ka ho re: “Ha ke a sitelwa Molao wa Sejuda, kapa Tempele, esita le Sesare.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

8 Mme yena a ikarabela, a re: Ha ke a ka ka sitelwa molao wa Bajuda, leha e le tempele, leha e le Cesare.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Mme yena a ikarabela, a re: Ha ke a ka ka sitelwa molao wa Bajuda, leha e le tempele, leha e le Cesare.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 25:8
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hobane ke utswitswe fatsheng la Baheberu, mme le kwano ha ke a etsa letho leo ba neng ba ka nkenya teronkong ka baka la lona.


Hape, Jeremia a bolella morena Tsedekia, a re: Ke o sitetswe kang, kapa wena, kapa bahlanka ba hao, kapa setjhaba sena, ha le nkentse teronkong?


Modimo wa ka o romile lengeloi la wona, mme o thibile melomo ya ditau, hore di se ke tsa nketsa letho; hobane ke fumanwe ke se na molato pela wona, le pela hao, morena, ha ke a ka ka etsa letho le lebe.


Pauluse a hlaba ba lekgotla ka mahlo, a re: Banna ba heso, ke tsamaile ka letswalo le letle kahohle pela Modimo, ho fihlela tsatsi lena.


Ha ba ka ba mphihlela ke fetolana le motho tempeleng, leha e le ho tsobokanya batho masinagogeng, leha e le motseng.


Seo nka ipolelang ho wena ka sona, ke sena: Haele thuto eo ba reng ke thuto e kgelohileng, ke fela ke sebeletsa Modimo wa bontate ka yona, ke ntse ke dumela ditaba tsohle tsa molao le tse ngodilweng baporofeteng.


O bile o lekile ho silafatsa tempele. Re mo tshwere, ra rata ho mo ahlola ka molao wa rona.


Pauluse a re: Ke eme lekgotleng la Sesare, moo ke tshwanetseng ho ahlolwa teng; haele ho Bajuda, ha ke a ka ka etsa ho kgopo, jwaloka ha le wena o tseba hantlentle.


Kamora matsatsi a mararo, Pauluse a mema bao e leng ba baholo hara Bajuda ba teng. Eitse ha ba phuthehile, a re ho bona: Banna ba heso, leha ke sa ka ka etsa letho ho sitelwa setjhaba leha e le mekgwa ya bontata rona ka lona, ke ile ka tlangwa Jerusalema, ka ba ka neelwa matsohong a Baroma.


Ba re ho yena: Ha re eso ho bone mangolo a tswang Judea, a bolelang taba tsa hao, leha e le ho banababo rona ha ho e mong ya tlileng a re bolella, leha e le ya hlahisitseng taba e mpe hodima hao.


Hobane thoriso ya rona ke ho emelwa ke letswalo la rona, hoba re tsamaile lefatsheng, haholoholo hara lona, ke pelo e hlokang mano le ka nnete ya Modimo, e seng ka bohlale ba nama, empa e leng ka mohau wa Modimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ