7 Ha a fihlile, Bajuda ba theohileng Jerusalema ba mo teela hare, ba ntse ba etselletsa Pauluse ka melato e mengata, e meholo, eo ba sitwang ho tiisa nnete ya yona.
7 Ha a fihlile, Bajuda ba neng ba theoha Jerusalema ba mo teela hare, ba mo qosa ka diqoso tse ngata, tse boima, empa tseo ba neng ba sitwa ho di pakahatsa.
ha ho ka batlwa bukeng ya ditaba tsa ho phela ha bontatao, o tla fumana bukeng ya ditaba tseo, o be o tsebe hore motse ono ke motse o ikgantshang, o senyetsang marena le dinaha; le hore boikgantsho bo nnile ba eba teng motseng ono haesale le mehleng ya boholo; motse ono o bile wa fediswa ka baka leo.
Yaba Hamane o re ho morena Assueruse: Ho na le setjhaba se seng, se qhalaneng, se hasaneng hara ditjhaba tse dinaheng tsohle tsa mmuso wa hao; melao ya sona e fapane le ya ditjhaba tse ding; ha ba ye ka melao ya morena; ha ho lokele hore morena a ba tlohele ba iketlile.
ba howa, ba re: Banna ba Iseraele, tlatsang; suna motho ya ntseng a ruta batho kaofela kahohle thuto e lwantshang setjhaba, le molao, le nqalo ena; o bile o ekeditse ka ho tlisa Bagerike tempeleng, o bile o silafaditse nqalo ena e halalelang.
Yaba Festuse o re: Morena Agripa, le lona banna bohle ba nang le rona mona, le a mmona monna enwa eo bongata bohle ba Bajuda bo tlileng ho mo qosa ho nna Jerusalema, leha e le mona, ba howa, ba re, ha a tshwanela a ka phela.
Ba re hanela ho bua le baditjhaba, hore ba tle ba bolokehe, ba ntse ba tlatsa jwalo kamehla tekanyo ya dibe tsa bona. Mme bohale ba Modimo bo ba thootheletswe ka ho phetheha.