Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 24:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Yare hoba ho fete matsatsi a mang, Felikse a tla a ena le Drusilla, mosadi wa hae, e leng Mojuda, mme hobane a bitse Pauluse, a mo mamela ha a bolela tsa ho dumela ho Kreste.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

24 Kamora matsatsi a seng makae, Felekise a tla le mohatsa hae, Derusilla wa Mojuda, mme a bitsa Paulosi, a mo mamela ha a bolela tsa tumelo ho Jesu Kreste.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

24 Eitse hobane ho fete matsatsi a mang, Felikse a tla le Drrusila, mosadi wa hae, Mojuda, a bitsa Pauluse, a mo utlwa mabapi le tumelo ho Kreste.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

24 Eitse hobane ho fete matsatsi a mang, Felikse a tla le Drrusila, mosadi wa hae, Mojuda, a bitsa Pauluse, a mo utlwa mabapi le tumelo ho Kreste.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 24:24
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

hobane Heroda o ne a tshaba Johanne, a mo tseba hoba ke monna ya lokileng, ya halalelang; o ne a mo sireletsa, a be a etse ntho tse ngata, ha a mo utlwile, a rate le ho mo utlwa.


a rata ho bona Jesu hoba ke mang, a mpa a sitwa ka baka la bongata; hobane a ne a le mokgutshwanyane boemong.


Heroda, eitse ha a bona Jesu, a thaba haholo; hobane e ne e le kgale a rata ho mmona, ka baka la taba tse ngata tseo a di utlwileng hodima hae; o ne a tshepa hoba o tla mmona a etsa mohlolo o mong.


Ba re: Dumela ho Morena Jesu Kreste, mme o tla bolokeha, wena le ba ntlo ya hao!


ke ntse ke kgothaletsa Bajuda le Bagerike ho sokolohela ho Modimo, le ho dumela ho Jesu Kreste, Morena wa rona.


Empa ha a ntse a bolela ho loka, le boitshwaro, le kahlolo e tla tla, Felikse a tshwarwa ke ho tshaba, mme a bua, a re: O ka ikela jwale; mohla ke boelang ke bona sebaka, ke tla boela ke o bitse.


Empa ka hobane ke bone thuso ho Modimo, ke tiiseditse ho fihlela la kajeno ho bolella ba banyenyane le ba baholo, mme ha ke a ka ka bolela ditaba tse ding, haese tseo Moshe le baporofeta ba itseng, di tla hlaha;


athe ka ho tseba hobane motho ha a bewe ya lokileng ke mesebetsi ya molao, empa e le ka ho dumela ho Jesu Kreste, le rona re dumetse ho Jesu Kreste, re tle re bewe ba lokileng ke ho dumela ho Kreste, e seng ke mesebetsi ya molao; hobane ha ho motho ya tla bewa ya lokileng ke mesebetsi ya molao.


Ke thakgisitswe le Kreste, mme ha e hlole e le nna ya phelang, empa e le Kreste ya phelang ka ho nna; mme jwale, ha ke sa ntse ke phela nameng, ke iphelela tumelong ho Mora Modimo, ya nthatileng, a ba a itella nna.


Nka rata ho utlwa ho lona hona hoo feela: Ana le nkile Moya ka mesebetsi ya molao, kapa a ke ka polelo ya tumelo na?


E mong le e mong ya dumelang hobane Jesu ke Kreste, o tswetswe ke Modimo; mme e mong le e mong ya ratang motswadi, o rata le ya tswetsweng ke yena.


Baratuwa, erekaha ke tjhesehela ho le ngolla taba tsa poloko, eo re e hlahiseditsweng hammoho, ke phehellwa ke pelo ho etsa jwalo, ke tle ke le kgothatse ho lwanela tumelo eo bahalaledi ba ileng ba e fuwa ka nako e le nngwe.


Ke moo ho tla bonahala mamello ya bahalaledi, e leng ba bolokang ditaelo tsa Modimo le tumelo ya bona ho Jesu.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ