Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 24:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Jwale, kamora dilemo tse ngata, ke tlile ho etsa dithuso le diabo setjhabeng sa heso.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 “Jwale kamora dilemo tse ngata, ke tlisitse dithuso ho setjhaba sa heso le ho tla etsa mahlabelo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

17 Eitse hobane ho fete dilemo tse ngata, ka tla ho isa dithuso le dinyehelo ho setjhaba sa heso.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

17 Eitse hobane ho fete dilemo tse ngata, ka tla ho isa dithuso le dinyehelo ho setjhaba sa heso.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 24:17
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Pauluse o ne a rerile ho feta Efese, a tle a se ke a dieha Asia; kahobane a ne a itlhahanetse, a tle a be Jerusalema ka tsatsi la Pentekonta, haekaba ho ka etswa jwalo.


Lebelang ke hona, le elellwe hobane ka dilemo tse tharo ha ke a ka ka phetsa bosiu le motshehare ho eletsa e mong le e mong wa lona ka meokgo.


Yaba Pauluse o ya le banna bao, a itlhwekisa le bona ka la hosasane, a kena tempeleng, a bolela matsatsi a ho itlhwekisa ha bona moo a tla kgutla teng, ho be ho hlahiswe sehlabelo sa teboho sa e mong le e mong wa bona.


Hape, o ne a tshepile hore Pauluse o tla mo nea tjhelete, a tle a mo lokolle; ke ka baka leo a nnileng a mmitsa hangata, ho buisana le yena.


hore o tle o ntwele ho ba sa dumeleng ba Judea, le hore bahalaledi ba Jerusalema ba tle ba amohele hamonate thuso eo ke e isang ho bona;


Ra ba ra rapela Tite, ra re, ha a se a qadile, a fele a phethe ketso eo ya mohau hara lona.


Hobane le tseba mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste, hoba, leha a ne a enne, o ne a iketse mofumanehi ka baka la lona, le tle le ene ka bofumanehi ba hae.


Hobane tokiso ya tshebeletso eo ha e kgodise bohloki ba bahalaledi feela, empa hape e tla atisa diteboho tse ngata tse bewang ho Modimo.


Feela ba re, re no hopola bafumanehi, mme ke sona seo ke thootheletsweng ho se etsa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ