Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 23:34 - Sesotho 1909/1961 (SO)

34 Eitse hobane mmusisi a le bale, a mmotsa hoba ke wa naha efe ya Roma; ha a utlwile hoba ke wa Silisia,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

34 Hoba mmusisi a bale lengolo, a mmotsa hore na ke wa hokae. Ha a utlwile hore o tswa Silesia, a re:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

34 Yare mmusisi a bale lengolo, a botsa hore na ke wa setereke sefe. Yare ha a utlwa hobane ke wa Silisia;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

34 Yare mmusisi a bale lengolo, a botsa hore na ke wa setereke sefe. Yare ha a utlwa hobane ke wa Silisia;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 23:34
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mehleng ya Assueruse, — ke Assueruse eo ya neng a busa dinaha tse lekgolo le nang le mashome a mabedi a metso e supileng, ho tloha India ho ya fihla Ethiopia, —


Yaba bangodi ba morena ba bitswa ka yona nako eo, le leng ka la mashome a mabedi a metso e meraro la kgwedi ya boraro, e leng kgwedi ya Sifane; ha ngolwa kahohle kamoo Mordekai a laelang kateng; ha ngollwa Bajuda le matona a marena, le babusisi le dihlooho tsa dinaha, ho tloha India ho isa Ethiopia, e leng dinaha tse lekgolo le nang le mashome a mabedi a metso e supileng, ha ngollwa naha e nngwe le e nngwe ka mongolo wa yona, le setjhaba se seng le se seng ka puo ya sona, le Bajuda ka mongolo le ka puo ya bona.


Daniele a kopa ho morena, mme a bea Shadrake le Meshake le Abede-Nego, ba tle ba sebetse tsa naha ya Babilona; ha e le Daniele, a ba monyakong wa morena.


Dariuse a rata ho bea mmusong marenana a lekgolo le nang le mashome a mabedi,


Pilato, ha a utlwa ba bolela Galelea, a botsa hore na ke motho wa Galelea na?


Mme a etela dinaha tsa Siria le tsa Silisia, a ntse a tiisa dikereke tsa teng.


Pauluse a re: Nna, ke Mojuda, motala wa Tarese, motse wa Silisia o tumileng. Ke a o kopa, o ntese, ke bue le setjhaba.


Yare ha Festuse a fihlile naheng eo, a dula Sesarea matsatsi a mararo, a ntoo fetela Jerusalema.


Empa ba bang ba sinagoge e bitswang ya Batlamolohi, le ba ya ba Sirene, le ba ya ba Aleksandria, le ba ya ba Silisia, le ba ya ba Asia, ba ema, ba fetolana le Setefane.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ