Diketso 23:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)12 Eitse hobane bo se, Bajuda ba bang ba etsa morero, mme ba itlama ka ho hlapanya, ba re, ba ke ke ba enwa, leha e le ho ja, ba eso ho bolaye Pauluse. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE12 Yare ha bo esa, Bajuda ba etsa mmomori, mme ba ikana hore ba ke ke ba eja, leha e le ho nwa letho, ba eso bolaye Paulosi. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Baasraak Sotho NT12 Eitse ha bo esa, Bajuda ba rera morero, mme ba itlama ka kano, ba re ba ke ke ba ja, leha e le ho nwa, ba eso ho bolaye Pauluse. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Contemporary Southern Sotho Bible 202412 Eitse ha bo esa, Bajuda ba rera morero, mme ba itlama ka kano, ba re ba ke ke ba ja, leha e le ho nwa, ba eso ho bolaye Pauluse. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Lona le basadi ba lona, le boletse ka melomo ya lona, le bile le entse ka matsoho a lona seo le se boletseng, la re: Re tla nne re boloke dikano tsa rona tseo re di anneng, tsa ho tjhesetsa mofumahadi wa lehodimo dibano le ho mo tshollela dino. Jwale, ha le tiisitse dikano tsa lona, mme le bolokile dikano tsa lona,
ke bile maetong hangata; ke batlile ke timella dinokeng, ka batla ke timela hara mashodu, ka batla ke timetswa ke ba setjhaba sa heso, ka batla ke timetswa ke baditjhaba, ka batla ke timella metseng, ka batla ke timella mafeelleng, ka batla ke timella lewatleng, ka batla ke timetswa ke baena ba mahata.