Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 22:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ka wela fatshe, mme ka utlwa lentswe le reng ho nna: Saule, Saule, o ntlhorisetsang na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

7 Ka wela fatshe, mme ka utlwa lentswe le re ho nna: ‘Saule! Saule! O ntlhorisetsang na?’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

7 Yaba ke wela fatshe, mme ka utlwa lentswe le re ho nna: Saule, Saule, o ntlhorisetsang?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 Yaba ke wela fatshe, mme ka utlwa lentswe le re ho nna: Saule, Saule, o ntlhorisetsang?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 22:7
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

La re: Agare, lekgabunyane la Sarai, o tswa kae, mme o ya kae? A re: Ke balehetse Sarai, mofumahadi wa ka.


Kamora taba tseo, Modimo wa leka Abrahama. Wa re ho yena: Abrahama! A re: Ke nna enwa.


Yaba lengeloi a Jehova le mo howeletsa, le le lehodimong, la re: Abrahama! Abrahama! A re: Ke nna enwa.


Yaba Jehova Modimo o bitsa Adama, a re ho yena: O hokae na?


Eitse ha Jehova a bona hobane o fapoha ho tla sheba, Modimo wa mmitsa o le hara sehlahla, wa re: Moshe! Moshe! A re: Ke nna enwa.


Ho itswe ke Jehova: Bontata lona ba kile ba fumana bokgopo bofe ho nna, ha ba kile ba ya hole le nna, ba tsamaela bosawana, mme ba fetohile bosawana?


Ka baka leo, ke tla nne ke le tsekise, ho bolela Jehova, ke tsekise le ditloholo tsa lona.


Ke moo a tla ba araba, a re: Kannete ke re ho lona: Erekaha le sa ka la etsa jwalo ho e mong wa ba banyenyane bana, ha le a ka la nketsa jwalo le nna.


Mmusisi a re: Na o entse bobe bofe? Empa ba totisa ho howa, ba re: A thakgiswe!


Ka re ke ntse ke tsamaya, ke se ke atametse Damaseka, ka nako ya motshehare, hang ka teelwa hare ke lesedi le leholo, le tswang lehodimong.


Ka araba, ka re: O mang, Morena? A re ho nna: Ke nna Jesu wa Nasaretha, eo o mo hlorisang.


A wela fatshe, a utlwa lentswe le reng ho yena: Saule, Saule, o ntlhorisetsang na?


nna, eo ke neng ke le monyefodi pele, le mohlorisi, le morori; empa ke rekolohetswe, hobane ke ne ke etsa tseo ke ho se tsebe, ke sa le ho se dumeleng.


Jwale Jehova a tla, a ema, a bitsa jwaloka hapele: Samuele! Samuele! Samuele a re: Bua, hobane mohlanka wa hao o mametse.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ