Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 22:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ka re ke ntse ke tsamaya, ke se ke atametse Damaseka, ka nako ya motshehare, hang ka teelwa hare ke lesedi le leholo, le tswang lehodimong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 “Ha ke le tseleng, mme ke atametse Damaseka, e batla e eba hara mpa ya motsheare, hanghang ka teelwa hare ke lesedi le leholo le tswang lehodimong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

6 Eitse ha ke ntse ke le leetong, mme ke atamela Damaseka, hoo e ka bang motsheare, hang ka teelwa hare ke lesedi le leholo le tswang lehodimong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Eitse ha ke ntse ke le leetong, mme ke atamela Damaseka, hoo e ka bang motsheare, hang ka teelwa hare ke lesedi le leholo le tswang lehodimong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 22:6
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba o arola makgotla a hae, a ba patela bosiu, yena le bahlanka ba hae, a ba hlola, a ba tebela ho isa Khoba, ka ho le letshehadi ho Damaseka.


Abrame a re: Morena Jehova, o tla nneang, ha e le mona ke ikela ke se na bana, mme mojalefa wa ntlo ya ka e le Modamaseka eo Eliesere?


Davida a ntoo bea bahlabani naheng ya Siria ya Damaseka, mme Basiria ya eba bafo ba Davida, ba mo ntshetsa lekgotho. Jehova a nna a boloka Davida jwalo hohle moo a yang.


Mme kgwedi e tla rothofala, letsatsi le swabe, hobane Jehova o busa thabeng ya Sione le Jerusalema, mme o kganya pela baholo ba hae.


A fetoha pontsheng ho bona; sefahleho sa hae sa kganya jwaloka letsatsi, mme diaparo tsa hae tsa eba tshweu jwaloka lesedi,


Ka wela fatshe, mme ka utlwa lentswe le reng ho nna: Saule, Saule, o ntlhorisetsang na?


Jwale, ha etswa lerata le leholo. Bangodi ba emelang bafarisi ba ema, ba araba, ba re: Ha re fihlele bobe leha bo le bong ho motho eo; ha ekaba moya o fela o buile le yena, kapa lengeloi, a re se keng ra lwantsha Modimo.


Mme kamorao ho bohle, a bonwa le ke nna ke leng jwaloka sefolotsana;


O ne a tshwere dinaledi tse supileng letsohong le letona la hae, mme sabole e ntjhotjho, e leoditsweng ka nqa tse pedi, e ne e tswa molomong wa hae; sefahleho sa hae se ne se tshwana le letsatsi ha le kganya ka matla a lona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ