Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 22:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 kamoo le yena moprista e moholo a ka pakang kateng, le phutheho ya baholo kaofela; hobane ke ne ke nke le mangolo ho bona, ho a isa ho ba heso ba Damaseka, ka ba ka ya teng ho tlama ba thuto eo ba ahileng teng, le ho ba tlisa Jerusalema, hore ba otlwe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 Le Moprista e Moholo le lekgotla lohle la baholo ba ka mpaka. Ba ile ba mpha mangolo a ngoletsweng Bajuda baheso ba Damaseka. Ka ya teng hore ke tlise ba Tsela ena Jerusalema ba tlamilwe, hore ba tle ba otlwe.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

5 Jwalokaha le yena moprista e moholo le phutheho yohle ya baholo ba ntse ba mpaka, mme ke ile ka amohela mangolo ho bona a yang ho baena, mme ka ya Damaseka hore ke tlise ba neng ba le moo ba tlanngwe Jerusalema, hore ba otlwe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Jwalokaha le yena moprista e moholo le phutheho yohle ya baholo ba ntse ba mpaka, mme ke ile ka amohela mangolo ho bona a yang ho baena, mme ka ya Damaseka hore ke tlise ba neng ba le moo ba tlanngwe Jerusalema, hore ba otlwe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 22:5
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Eitse hobane bo se, baholo ba setjhaba, le baprista ba baholo, le bangodi, ba bokana, mme ba mo isa lekgotleng la bona.


Mehleng eo, Petrose a ema hara barutuwa moo ba phuthehetseng teng, bongata ba bona, ha ba balwa, bo batlile ho ba lekgolo le mashome a mabedi, a re:


Banna ba heso, bana ba leloko la Abrahama, le ba hara lona ba tshabang Modimo, lentswe lena la poloko le rometswe ho lona.


Banna ba heso, ha nke ke le bolelle phatlalatsa hore mopatriareka Davida o ne a shwe, a ba a patwa; mme lebitla la hae le sa ntse le le teng hara rona ho fihela letsatsi la kajeno.


Banna ba heso le bontate, mamelang jwale meitatolo ya ka ho lona.


Pauluse a hlaba ba lekgotla ka mahlo, a re: Banna ba heso, ke tsamaile ka letswalo le letle kahohle pela Modimo, ho fihlela tsatsi lena.


Jwale Pauluse ka ho tseba hore ba bang ho bona ke basadusi, ba bang ke bafarisi, a phahamisa lentswe hara lekgotla, a re: Banna ba heso, nna ke mofarisi, mora wa mofarisi, ke ahlolwa ka baka la tshepo le la tsoho ya bafu.


Ka fela ka etsa jwalo Jerusalema, ka kwalla bahalaledi ba bangata teronkong, ka matla ao ke neng ke a neilwe ke baprista ba baholo; le mohla ba neng ba bolawa, le nna ke ne ke dumela.


Masinagogeng wohle hangata ka ba tsohela matla, ka ba otla, ka ba qophella hore ba nyefole; mme kahobane ke ne ke ba halefetse haholoholo, ka ba hlorisa le ho isa metseng ya ditjhaba.


Yare ha ke ntse ke hopotse tseo, ke ya Damaseka ka matla le ka taelo ya baprista ba baholo,


Kamora matsatsi a mararo, Pauluse a mema bao e leng ba baholo hara Bajuda ba teng. Eitse ha ba phuthehile, a re ho bona: Banna ba heso, leha ke sa ka ka etsa letho ho sitelwa setjhaba leha e le mekgwa ya bontata rona ka lona, ke ile ka tlangwa Jerusalema, ka ba ka neelwa matsohong a Baroma.


Ba re ho yena: Ha re eso ho bone mangolo a tswang Judea, a bolelang taba tsa hao, leha e le ho banababo rona ha ho e mong ya tlileng a re bolella, leha e le ya hlahisitseng taba e mpe hodima hao.


Mme jwale, bana ba Ntate, ke a tseba hobane le entse hoo ka baka la ho se tsebe, le wona marena a lona.


Yare hosasane, marena le baholo le bangodi ba bokana hona Jerusalema,


Yare ha ba utlwa tseo, ba kena tempeleng ha bo esa, ba ruta. Empa moprista e moholo le ba nang le yena ba fihla, ba phutha lekgotla le baholo bohle ba bana ba Iseraele; yaba ba romela teronkong ho ya lata baapostola.


le mona o tlile a neilwe matla ke baprista ba baholo a ho tlama bohle ba rapelang lebitso la hao.


Le fela le utlwile metsamao ya ka ya pele, ha ke ne ke sa le Bojudeng, kamoo ke neng ke hlorisa kateng, ka bohale bosele, kereke ya Modimo, mme ke ne ke e ripitla.


Haele ka tjheseho ke nna ya hlorisitseng kereke; haele ka ho loka ha molao, ke ne ke se na ho nyatsuwa.


Hape, o se ke wa lebala mpho e ho wena, eo o e filweng ka boporofeta hammoho le peo ya matsoho a baholo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ