Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 22:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Le mohla ho neng ho tshollwa madi a Setefane, paki ya hao, le nna ke ne ke le teng, ka dumela polao ya hae, mme ka lebela dikobo tsa ba mmolayang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 Ha ho tshollwa madi a paki ya hao, Setefane, ke ne ke le teng ka sebele, ke dumela, mme ke lebetse diaparo tsa ba mmolayang.’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

20 Eitse ha madi a Setefane, paki ya hao, a tsholoha, le nna ke ne ke eme teng, ke dumela ho bolawa ha hae, ke lebetse diaparo tsa ba mmolaileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

20 Eitse ha madi a Setefane, paki ya hao, a tsholoha, le nna ke ne ke eme teng, ke dumela ho bolawa ha hae, ke lebetse diaparo tsa ba mmolaileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 22:20
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

le fela le iketsa dipaki le ho dumela diketso tsa bontata lona; hobane ba ba bolaile, mme lona, le haha mabitla a bona.


Ka fela ka etsa jwalo Jerusalema, ka kwalla bahalaledi ba bangata teronkong, ka matla ao ke neng ke a neilwe ke baprista ba baholo; le mohla ba neng ba bolawa, le nna ke ne ke dumela.


Polelo eo ya kgahlisa barutuwa bohle, mme ba kgetha Setefane, monna ya tletseng tumelo le Moya o Halalelang, le Filipi, le Prokore, le Nikanore, le Timone, le Parmena, le Nikola, moporoselite wa Antioke.


Eitse hobane ba mo kgarameletse kantle ho motse, ba mo tlepetsa ka majwe; mme dipaki tsa bea diaparo tsa tsona maotong a mohlankana ya bitswang Saule.


Haele Saule, o na be a dumetse polao ya Setefane. Mehleng eo, kereke ya hlahelwa ke hloriso e kgolo; ba qhalanyetswa bohle mafatsheng a Judea le a Samaria, ha sala baapostola ba nnotshi.


Mme leha ba tsebile kahlolo ya Modimo, e reng ba etsang tse jwalo ba tshwanetse ho shwa, ho di etsa ba di etsa, ba bile ba emela ba di etsang le hona.


Mme ka bona mosadi eo a tahilwe ke madi a bahalaledi le ke madi a dipaki tsa Jesu, mme ka makala ka makalo e kgolo, ha ke mmona.


Ke tseba mesebetsi ya hao, le moo o ahileng teng, e leng moo Satane a nang le terone ya hae teng; ke tseba le hobane o tiisitse lebitso la ka; mme ha o a ka wa latola tumelo ya hao ho nna, leha e le mohla Antipase, paki ya ka e tshepehang, a bolawang hara lona, moo Satane a ahileng teng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ