Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 22:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Mme jwale, o diehetseng? Ema, o kolobetswe, mme o hlatsuwe dibe tsa hao, ka ho rapela lebitso la Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

16 Jwale o diehelang? Ema, o kolobetswe, o hlatsuwe dibe tsa hao ka ho rapela lebitso la hae.’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

16 Jwale, o diehellang? ema, o kolobetswe, mme o hlatswe dibe tsa hao, ka ho rapela lebitso la Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

16 Jwale, o diehellang? ema, o kolobetswe, mme o hlatswe dibe tsa hao, ka ho rapela lebitso la Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 22:16
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke a phakisa, ha ke diehe ho boloka ditaelo tsa hao.


Ntlhatswe, o be o ntlhatswisise bokgopo ba ka, o mphekole sebe sa ka!


Re ituletse keng? Phuthehang, re kene metseng e diqhobosheane, re tle re felle teng, hobane Jehova, Modimo wa rona, o ya re fedisa, o ya re nosa metsi a mahloko, hobane re sitetswe Jehova.


Petrose a re ho yena: O ke ke wa ba wa hlatswa maoto a ka le ka mohla o le mong. Jesu a mo araba, a re: Ekare ha ke sa o hlatswe, ha o na kabelo ho nna.


Mme e mong le e mong ya tla rapela lebitso la Morena o tla bolokeha.


Petrose a re ho bona: Bakang, mme e mong le e mong wa lona a kolobeletswe ka lebitso la Jesu Kreste tshwarelong ya dibe, mme le tla nka neo ya Moya o Halalelang.


Ha ba sa ntse ba mo tlepetsa, Setefane a rapela, a re: Morena Jesu, amohela moya wa ka!


le mona o tlile a neilwe matla ke baprista ba baholo a ho tlama bohle ba rapelang lebitso la hao.


Mme ntho tse kang makgapetla tsa phakisa tsa wa mahlong a hae; a boela a bona; a ntoo ema, a kolobetswa.


ke ngolla kereke ya Modimo e Korinthe, e leng ba halaleditsweng ho Jesu Kreste, ba bileditsweng ho halalela, hammoho le bohle ba rapelang nqalong tsohle lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste, e leng Morena wa bona le wa rona;


Hobane rona bohle re kolobeditswe Moyeng o le mong, hore re be mmele o le mong, leha e le Bajuda, leha e le Bagerike, leha e le ba ruilweng, leha e le ba sa ruwang; mme bohle re nositswe Moyeng o le mong.


Mme ke seo ba bang ho lona le neng le le sona; empa le hlatswitswe, empa le halaleditswe, empa le beilwe ba lokileng ka lebitso la Morena Jesu, le ka Moya wa Modimo wa rona.


Hobane lona bohle ba kolobeditsweng ho Kreste, le apere Kreste.


hore a tle a e halaletse, ha a se a e ntlafaditse ka hlatsuo ya metsi ka lentswe la hae,


e seng ka mesebetsi e lokileng e entsweng ke rona, empa e bile ka lereko la wona, ka hlatsuo ya ho tswalwa la bobedi, le ka ntjhafatso ya Moya o Halalelang,


a re atameleng ho wona ka pelo ya nnete, ka tumelo e nang le tshepo ya sebele, matswalo a mabe a phekotswe dipelong tsa rona, mme mmele ya rona e hlatswitswe ka metsi a hlwekileng.


Se tshwantswang ke hoo ke kolobetso e re pholosang jwale — e seng e hlatswang ditshila tsa mmele, empa eo e leng ho itlama ha letswalo le letle pela Modimo — ka tsoho ya Jesu Kreste,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ