Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 21:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Yare hobane re tswe Tire, ra kena Ptolemaise, moo leeto la rona la sekepe le feletseng teng; yaba re dumedisa baena, ra hlola tsatsi le le leng le bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

7 Hoba re qete leeto la rona ho tloha Tire, ra fihla Potolemaise, mme teng ra dumedisa badumedi, ra hlola le bona tsatsi le le leng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

7 Eitse hobane re qete leeto la rona ho tloha Tire, ra fihla Ptolemaise, mme ra dumedisa baena, mme ra hlola le bona letsatsi le le leng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 Eitse hobane re qete leeto la rona ho tloha Tire, ra fihla Ptolemaise, mme ra dumedisa baena, mme ra hlola le bona letsatsi le le leng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 21:7
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mme ha le dumedisa banababo lona feela, le etsa ho fetisang hofe? Balekgetho le bona ha ba etse jwalo na?


Mehleng eo, Petrose a ema hara barutuwa moo ba phuthehetseng teng, bongata ba bona, ha ba balwa, bo batlile ho ba lekgolo le mashome a mabedi, a re:


Heroda o ne a halefetse Batire le Basidone. Empa ba tla ho yena ba le lentswe le le leng, mme yare ha ba itlholetse Blaste, qhoku ya morena, ba kopa kgotso, kahobane naha ya bona e ne e sela ho ya morena.


Eitse ha a tswile sekepeng Sesarea, a nyolohela Jerusalema, a dumedisa kereke, a ntoo theohela Antioke.


Yare ha re hlotse teng matsatsi a mang, moporofeta e mong, ya bitswang Agabuse, a fihla a etswa Judea.


Eitse ha re fihla Jerusalema, baena ba re amohela ka thabo.


Eitse hobane a ba dumedise, a ba phetela ka hlomahanyo tsohle tseo Modimo o di entseng ditjhabeng ka tshebetso ya hae.


Yare ha re hlahela sehlekehleke sa Sipera, ra se teela ka ho le letshehadi, ra leba Siria, mme ra fihla Tire; hobane sekepe se ne se tshwanela ho phahlwa teng.


Eitse ha ho se ho fetile matsatsi a mang, morena Agripa le Berenise ba tla Sesarea ho dumedisa Festuse.


Eitse ha re fihla Sirakuse, ra hlola matsatsi a mararo teng.


Ntumedisetseng badisa bohle ba lona le bahalaledi bohle. Ba Italia ba le dumedisa.


Ba tla o dumedisa, ba o fe polokwe tse pedi tsa bohobe, tseo o tla di amohela matsohong a bona.


Eitse ha a sa qetella ho etsa setjheso, a bona Samuele a hlaha; Saule a tswa ho ya mo kgahlanyetsa le ho mo dumedisa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ