Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 21:39 - Sesotho 1909/1961 (SO)

39 Pauluse a re: Nna, ke Mojuda, motala wa Tarese, motse wa Silisia o tumileng. Ke a o kopa, o ntese, ke bue le setjhaba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

39 Paulosi a re: “Nna ke monna wa Mojuda ya tswaletsweng Tarasuse e Silesia; ke moahi wa motseng, e seng wa motsaneng. Jwale ke a o kopa, ako ntumelle ho bua le setjhaba sena.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

39 Paulo a re: “Nna, ke monna wa Mojuda wa Tarese, motse wa Silisia, moahi wa motse o seng bohlokwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

39 Paulo a re: “Nna, ke monna wa Mojuda wa Tarese, motse wa Silisia, moahi wa motse o seng bohlokwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 21:39
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba ba ba ngola ka bona, ba re: Re le baapostola le baholo le baena, dumelang, lona baena ba ditjhaba tsa Antioke, tsa Siria, le tsa Silisia!


Mme a etela dinaha tsa Siria le tsa Silisia, a ntse a tiisa dikereke tsa teng.


Empa Pauluse a re ho bona: Ba re shapile pontsheng, re eso ho ahlolwe, rona re leng Baroma, ba re kentse le teronkong; mme jwale ba rata ho re ntsha teng ka sephiring na? Ha ho se be jwalo; ho mpe ho tle bona ka sebele, ba re ntshe.


Pauluse ha a se a tla kenngwa qhobosheaneng, a re ho molaodi wa sekete: Na nka dumellwa ho bua taba le wena na? Molaodi a re: Na o tseba Segerike na?


Yaba o re: Nna, ke Mojuda, ya tswaletsweng Tarese wa Silisia; ke mpa ke holetse motseng wona maotong a Gamaliele; ka rutwa ka mokgwa o fetisisang ho ya ka molao wa bontata rona, ka ba le tjheseho ho Modimo jwaloka lona kaofela kajeno.


Bajuda ba tshwere monna enwa, mme ha ba se ba tla mmolaya, ke fihlile le bahlabani, ka ba amoha yena, ha ke utlwa hoba ke Moroma.


Eitse hobane mmusisi a le bale, a mmotsa hoba ke wa naha efe ya Roma; ha a utlwile hoba ke wa Silisia,


Empa ba bang ba sinagoge e bitswang ya Batlamolohi, le ba ya ba Sirene, le ba ya ba Aleksandria, le ba ya ba Silisia, le ba ya ba Asia, ba ema, ba fetolana le Setefane.


Morena a re ho yena: Tloha, o ye seterateng se bitswang se Lokileng; o batle ka tlung ya Juda motho ya bitswang Saule wa Tarese; hobane o ka bona, o a rapela,


Yare ha barutuwa ba utlwa hoo, ba mo isa Sesarea, ba ntoo mo romela Tarese.


le mpe le tshabe Morena Jesu dipelong tsa lona, mme le itokisetse kamehla ho ikarabela, ka mosa le ka hlompho, ho ya le botsang tshepo e ho lona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ