Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 21:31 - Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Eitse ha ba batla ho mmolaya, molaodi wa lekgotla la sekete a bolellwa hore Jerusalema kaofela o ferekane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

31 Ha ba ntse ba leka ho mmolaya, molaodi wa lebotho la ba sekete a tsebiswa hore Jerusalema yohle e moferefereng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

31 Yare ha ba batla ho mmolaya, ditaba tsa fihla ho molaodi wa lebotho la hore Jerusalema yohle e moferefere.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

31 Yare ha ba batla ho mmolaya, ditaba tsa fihla ho molaodi wa lebotho la hore Jerusalema yohle e moferefere.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 21:31
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Adonija le bohle ba memilweng ke yena, hobane ba qete ho ja, ba utlwa. Le yena Joabe a utlwa modumo wa diterompeta, a re: Lerata leo hara motse le moferefere ke wang?


Empa ba re: A e se be mohla mokete, esere mohlomong moferefere wa eba teng hara setjhaba.


Yaba bahlabani ba mmusisi ba isa Jesu kgotla, ba mmokellela sehlopha sohle sa bona.


Empa ba ne ba re: A e se be mohla mokete, esere mohlomong moferefere wa eba teng hara setjhaba.


Ba tla le leleka masinagogeng; esita le nako e a tla, eo e mong le e mong ya le bolayang a tla hloma eka o sebeletsa Modimo.


Jwale sehlopha, le molaodi wa sekete, le bahlanka ba Bajuda, ba tshwara Jesu, ba mo tlama,


Monna o ne a le teng Sesarea, lebitso la hae e le Kornele, e le molaodi wa lekgolo lekgotleng le bitswang la Italia.


Empa Bajuda ba sa dumelang ba eba mona, mme ba tla le banna ba bang ba bolotsana, ba thotsweng mapatlelong, ba iketsa sehlopha, ba ferekanya motse; ba patela ntlo ya Jasone, mme ba batla Pauluse le Silase, ho ba isa pela setjhaba.


Hobane re se re ikentse tsietsing ya ho botswa moferefere wa kajeno, haele mona ho se taba eo re ka itatolang ka yona bakeng sa pokano ena.


Na hase wena Moegepeta elwa, ya tsositseng moferefere tshiung tse fetileng, a ba a isa dihlola tse kete tse nne feelleng na?


Ba mo mamela ho fihla polelong eo; empa jwale, ba phahamisa mantswe a bona, ba re: Motho ya jwalo a tloswe lefatsheng; hobane ha a tshwanela ho phela.


Pauluse a bitsa e mong wa balaodi ba lekgolo, a re ho yena: Isa mohlankana enwa ho molaodi wa sekete; hobane o na le taba eo a tla mmolella yona.


Felikse, ya neng a tseba haholwanyane tsa thuto eo, hobane a utlwe taba tseo, a ba beela tsatsi le leng, a re: Etlare ha Lisiase, molaodi wa sekete, a fihlele, ke moo ke tla le ahlolela ditaba tsa lona.


O bile o lekile ho silafatsa tempele. Re mo tshwere, ra rata ho mo ahlola ka molao wa rona.


Empa Lisiase, molaodi wa sekete, a hlaha, a re amoha yena ka matla a maholo,


Ka le hlahlamang, Agripa le Berenise ba tla ba kgabile haholo. Eitse hobane ba kene kgotla le balaodi ba sekete le banna ba baholo ba motse, Pauluse a tliswa ka taelo ya Festuse.


Ke tsona ditaba tseo Bajuda ba ntshwereng ka baka la tsona tempeleng, tseo ba batlileng ho mpolaya ka baka la tsona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ