Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 21:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Yare ha re hlahela sehlekehleke sa Sipera, ra se teela ka ho le letshehadi, ra leba Siria, mme ra fihla Tire; hobane sekepe se ne se tshwanela ho phahlwa teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

3 Yare hoba re hlahele Sipera, mme re e nee letsoho le letshehadi, ra tshelela Siria ka sekepe, ra emisa Tire, hobane sekepe se ne se tshwanetse ho laolla thoto teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

3 Eitse ha re bona Sipera, ra e siya ka ho le letshehadi, ra kena ka sekepeng ho ya Siria, mme ra emisa Tire, hobane sekepe se ne se tla laolla phahlo ya sona teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Eitse ha re bona Sipera, ra e siya ka ho le letshehadi, ra kena ka sekepeng ho ya Siria, mme ra emisa Tire, hobane sekepe se ne se tla laolla phahlo ya sona teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 21:3
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Davida a ntoo bea bahlabani naheng ya Siria ya Damaseka, mme Basiria ya eba bafo ba Davida, ba mo ntshetsa lekgotho. Jehova a nna a boloka Davida jwalo hohle moo a yang.


Moradi wa Tire o tla o nyehela, ba baholo hara setjhaba ba o ananele.


Hara ba ntsebang ke tla bala Egepeta le Babilona; Filestia ke eo le Tire, le Ethiopia; di tswaletswe teng.


Eitse ha ntlo ya Davida e bolellwa ho thwe, Basiria ba kopane le Baefraime, pelo ya Akase le dipelo tsa batho ba hae tsa sisinyeha, jwaloka difate tsa meru ha di sisinngwa ke moya.


Ho madimabe wena, Korasine! ho madimabe wena, Bethsaida! hobane mehlolo e entsweng ha eno, hola ya be e entswe Tire le Sidone, metse eo e ka be e bakile kgale, ka masela a mahwashe le ka molora.


Botumo ba hae ba utlwahala Siria yohle; ha tliswa ho yena bohle ba seng monate ke malwetse a mefutafuta, le ba tshwerweng ke mafu, le ba nang le bademona, le ba jewang ke sethwathwa, le ba omeletseng ditho; mme a ba fodisa.


Ho madimabe wena, Korasine! Ho madimabe wena, Bethsaida! Hobane mehlolo e entsweng hara lona, hoja ya be e entswe Tire le Sidone, metse eo e ka ba e bakile kgale ka masela a mahwashe le ka molora.


Palo eo ke ya pele, ya etswa Kuirine e le mmusisi wa Siria.


Ba neng ba qhalantswe ke hloriso e hlahileng ka Setefane, ba fetela pele ho ya Fenisia, le Sipera, le Antioke, ba sa bolelle motho lentswe, haese Bajuda ba nnotshi.


Heroda o ne a halefetse Batire le Basidone. Empa ba tla ho yena ba le lentswe le le leng, mme yare ha ba itlholetse Blaste, qhoku ya morena, ba kopa kgotso, kahobane naha ya bona e ne e sela ho ya morena.


Yare hobane Moya o Halalelang o ba rome, ba theohela Selosia; teng ba kena sekepeng, ba tshelela Sipera.


Ba ba ba ngola ka bona, ba re: Re le baapostola le baholo le baena, dumelang, lona baena ba ditjhaba tsa Antioke, tsa Siria, le tsa Silisia!


Phapang ya hlaha ke hona, ba ba ba kgaohana. Barnabase a nka Mareka, a tshelela Sipera ka sekepe.


Mme a etela dinaha tsa Siria le tsa Silisia, a ntse a tiisa dikereke tsa teng.


Pauluse a boela a hlola teng matsatsi a mangata, a ntoo dumedisa baena, a ya Siria ka sekepe, a ena le Priscila le Akila, a ikutisitse hlooho Kenkrea, kahobane a ne a itlamile ka kano.


Barutuwa ba bang ba Sesarea le bona ba ya le rona, ba re isa ha Mnasone, morutuwa wa kgale, ya tswang Sipera, eo re neng re tshwanetse ho fapohela ha hae.


Teng, ra fumana sekepe se fetelang Fenisia; ra kena ho sona, ra tswela pele.


Yare hobane re tswe Tire, ra kena Ptolemaise, moo leeto la rona la sekepe le feletseng teng; yaba re dumedisa baena, ra hlola tsatsi le le leng le bona.


Yare ha re tlohile teng, ra sika le sehlekehleke sa Sipera, kahobane sekepe se ne se hanelwa ke moya.


Le yena Jose, ya reilweng Barnabase ke baapostola, e leng ho re, mora tshediso, ha ho fetolwa, e neng e le Molevi, ya tswaletsweng Sipera,


Bana ba Iseraele ba boela ba etsa ho leng hobe pela Jehova; ba sebeletsa boBaale le boAshtarothe, le medimo ya Siria, le medimo ya Sidone, le medimo ya Moabe, le medimo ya bana ba Ammone, le medimo ya Bafilesta; ba furalla Jehova, ba lesa ho mo sebeletsa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ