24 O ye le bona, o itlhwekise le bona, o ba lefelle, ba tle ba beolwe dihlooho, bohle ba tle ba tsebe kahoo, hobane ha ho na letho la tseo ba di utlwileng o bolelwa ka tsona; ba tsebe hobane le wena o ntse o bolokile molao.
24 Ba nke, o itlhwekise le bona, o ba lefelle hore ba beolwe dihlooho. Bohle ba tla tseba hore ha ho letho ditabeng tseo ba ileng ba di bolellwa ka wena, empa le wena o ntse o tsamaya o bolokile Molao.
24 Ba nke, o itlhwekise hammoho le bona, mme o ba lefise, hore ba beole dihlooho tsa bona; empa le wena o tsamaya ka mokgwa o laolehileng, o boloka molao.
24 Ba nke, o itlhwekise hammoho le bona, mme o ba lefise, hore ba beole dihlooho tsa bona; empa le wena o tsamaya ka mokgwa o laolehileng, o boloka molao.
Mme enere hobane e mong le e mong a qete letsatsi la mmoka wa hae, Jobo o ne a romela ho ba bitsa, mme a ba hlatswe, a tsohe e sa le ka meso, a hlabe mahlabelo a ditjheso a lekanang dihlooho tsa bona; hobane Jobo o ne a re: Ekaba mohlomong bara ba ka ba sitilwe ka ho lebala Modimo dipelong tsa bona. Jobo a nna a etsa jwalo kamehla.
Jehova a re ho Moshe: Bona, ke tla tla ho wena, lerung le letenya, hore setjhaba se tle se utlwe ha ke bua le wena, se be se o dumele kamehla. Moshe a tsebisa Jehova mantswe a setjhaba.
Monasari o tla beola hlooho e kgethehileng ya hae monyako wa tente ya pokano; o tla nka moriri wa hlooho e kgethehileng ya hae, mme a o kenye mollong o katlasa sehlabelo sa teboho.
Ka ditshiu tsohle tsa bonasari ba hae, lehare le se ke la feta hloohong ya hae; o tla kgetheha ho isa qetellong ya ditshiu tseo a ikgethetseng Jehova ka tsona, o tla lesela moriri wa hlooho ya hae ho hola.
Ha e mong a ka tshoha a eshwa hanghang haufile yena, mme hlooho ya hae e kgethehileng e silafatswa ke hona, o tla e beola ka tsatsi la ho itlhwekisa ha hae, o tla e beola ka tsatsi la bosupa.
Pauluse a boela a hlola teng matsatsi a mangata, a ntoo dumedisa baena, a ya Siria ka sekepe, a ena le Priscila le Akila, a ikutisitse hlooho Kenkrea, kahobane a ne a itlamile ka kano.
Yaba Pauluse o ya le banna bao, a itlhwekisa le bona ka la hosasane, a kena tempeleng, a bolela matsatsi a ho itlhwekisa ha bona moo a tla kgutla teng, ho be ho hlahiswe sehlabelo sa teboho sa e mong le e mong wa bona.
Ho Bajuda, ke ikentse Mojuda, hore ke rue Bajuda; ho ba katlasa molao, ke ikentse ya leng katlasa molao, leha ke se katlasa molao, ke tle ke rue ba leng katlasa molao;
Hobane enere ba bang ba tswang ho Jakobo, ha ba eso ho fihle, o ne a ntse a eja le baditjhaba; empa yare ha ba fihla, a sutha kasanthao, mme a ikgetha ka ho tshaba ba lebollo.
Hobane, bona, o tla emara, o tswale moshanyana; lehare le ke ke la mmeola hlooho, hobane ngwana e tla ba monasari wa Modimo, a sa le popelong ya mmae: ke yena ya tla qala ho namolela Iseraele matsohong a Bafilesta.