Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 21:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Eitse hobane a tle ho rona, a nka senyepa sa Pauluse, a itlama matsoho la maoto ka sona, a re: Moya o Halalelang o bolela, o re: Monna eo senyepa sena e leng sa hae, Bajuda ba tla mo tlama jwalo Jerusalema, ba be ba mo neele matsohong a baditjhaba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 A tla ho rona, a nka leqhama la Paulosi, a itlama maoto le matsoho ka lona, a re: “Moya o Halalelang o bolela tsena: ‘Bajuda ba tla tlama monga leqhama lena, tjena, kwana Jerusalema, ba neelane ka yena matsohong a baditjhaba.’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

11 Eitse hobane a fihle ho rona, a nka senyepa sa Pauluse, a itlama matsoho le maoto, a re: Moya o Halalelang o re: Bajuda ba Jerusalema ba tla tlama monna eo e leng monga senyepa sena, mme ba tla mo neela tjhankaneng. matsoho a Baditjhaba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Eitse hobane a fihle ho rona, a nka senyepa sa Pauluse, a itlama matsoho le maoto, a re: Moya o Halalelang o re: Bajuda ba Jerusalema ba tla tlama monna eo e leng monga senyepa sena, mme ba tla mo neela tjhankaneng. Matsoho a Baditjhaba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 21:11
34 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Tsedekia, mora Kenaana, o ne a iketseditse dinaka tsa tshepe, a re: Ho itswe ke Jehova: Ka tsena o tla thula Basiria, o be o ba qete.


mehleng eo, Jehova a bua ka Esaia, mora oa Amotse, a re: Eya, o hlobole lesela le mahwashe le lethekeng la hao, o role dieta maotong a hao. A etsa jwalo, a ya a hlobotse, a sa rwala dieta.


Ho itswe ke Jehova: Eya, o ithekele pitsa ya letsopa ho mmopi, o ye le baholo ba bang ba setjhaba le baholo ba baprista;


Ke buile le baporofeta, e, nna, ke ekeditse ditshenolo, mme ka baporofeta ke boletse ditshwantsho.


Eitse hobane Jesu a bolele taba tseo, a tswa le barutuwa ba hae, a ya mose wane wa molatswana wa Kedrone, moo tshimo e neng e le teng; mme a kena teng le barutuwa ba hae.


Ha ba ntse ba sebeletsa Morena, ba itima dijo, Moya o Halalelang wa re: Nkgetheleng Barnabase le Saule, ba ye mosebetsing oo ke ba bileditseng wona.


Eitse hobane ba ye le Frigia le naha ya Galatia, Moya o Halalelang wa ba hanela ho bolela lentswe la Modimo Asia.


haese hobane, motseng o mong le o mong, Moya o Halalelang o ntse o nkomela hore ditlamo le dihloriso di ntebeletse.


Yaba molaodi wa sekete o atamela, a mo tshwara, a laela hore a tlangwe ka mahlaahlela a mabedi; a ntoo botsa hobane ke mang, le hoba seo a se entseng keng?


Mme kahobane re ne re fumane barutuwa teng, ra hlola moo matsatsi a supileng; mme bona ba bolella Pauluse ka Moya, hore a se ke a nyolohela Jerusalema.


Eitse ha ba mo tlamile ka marapo, Pauluse a re ho molaodi wa lekgolo ya emeng moo: Hleka le na le tokelo ya ho shapa motho wa Roma, a eso ho ahlolwe na?


Empa dilemo tse pedi ha di fetile, Porsiuse Festuse a bewa tulong tsa Felikse, mme Felikse a tlohela Pauluse teronkong, kahobane a ratile ho kgahlisa Bajuda.


Pauluse a re: Hoja Modimo o ka etsa, kapa haufi, kapa kgale, hore, e seng wena feela, empa le bohle ba mmamelang kajeno, le be jwaloka nna, feela e seng ka ditlamo tsena.


Kamora matsatsi a mararo, Pauluse a mema bao e leng ba baholo hara Bajuda ba teng. Eitse ha ba phuthehile, a re ho bona: Banna ba heso, leha ke sa ka ka etsa letho ho sitelwa setjhaba leha e le mekgwa ya bontata rona ka lona, ke ile ka tlangwa Jerusalema, ka ba ka neelwa matsohong a Baroma.


Ke ka baka leo ke le bitsitseng ho le bona le ho bua le lona; hobane ke tlamilwe ka lehlaahlela lena ka baka la tshepo ya Iseraele.


Hobane ba fapane ba tloha, Pauluse a ba boleletse taba ena e le nngwe, a re: Moya o Halalelang o boletse hantle ka molomo wa moporofeta Esaia ho bontata rona,


Yaba Moya o re ho Filipi: Eya, o atamele koloi eo.


mme ke tla mmontsha boholo ba bohloko boo e ka kgonang a bo utlwe ka baka la lebitso la ka.


Ke ka baka leo ke le ngollang, nna, Pauluse, ke leng moholehuwa wa Jesu Kreste ka baka la lona baditjhaba,


Ke le kgothatsa ke hona, nna ke leng moholehuwa ka baka la Morena, ke re: Tsamayang ka mokgwa o tshwanelang pitso eo le bitsitsweng ka yona,


eo ke leng lenqosa la yona, leha ke tlamilwe ka mahlaahlela, hore ke bolele ditaba tsa yona ka matla, jwalokaha ke tshwanetse ho di bolela.


Empa Moya o ometse hore, mehleng ya morao, ba bang ba tla kwenehela tumelo, ba kgomarele meya e thetsang le dithuto tsa batemona;


e leng Evangeli eo ke mamellang bothata bo boholo, mme ke bile ke tlangwa ka baka la yona, jwaloka hola ke le sehlola; empa lentswe la Modimo lona ha le a tlangwa.


Hobane le kile la hlomohela ba ditlamong, mme le dumetse ka thabo ha ntho tsa lona di tlatlapuwa, la itsebela hobane le na le moruo o fetisang, o sa tloheng.


Ka baka leo, jwalokaha Moya o Halalelang o bolela, o re: Kajeno, ha le utlwa lentswe la wona,


Mme ba senoletswe hoba e ne e se ka baka la bona, empa e le ka baka la lona, ba neng ba beilwe basebetsi ba tseo le di behetsweng jwaloka ba le boleletseng Evangeli, ka Moya o Halalelang, o romilweng o etswa lehodimong, e leng tseo mangeloi a lakatsang haholo ho nyarela hara tsona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ