Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 20:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Haele rona, ra kena sekepeng motseng wa Filipi, matsatsi a mahobe a se nang ditomoso ha a se a fetile, mme ra ya ba fihlela Troase kamora matsatsi a mahlano, ra ba ra dula teng matsatsi a supileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 Hoba ho fete matsatsi a mokete wa bohobe bo sa lomoswang, ra kena ka sekepeng, ra tloha Filipi, mme kamora matsatsi a mahlano ra fihla ho bona, Terowase; teng ra hlola matsatsi a supileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

6 Haele rona, ra tloha Filipi ka sekepe, kamora matsatsi a mahobe a se nang ditomoso, mme ra fihla Troase ka matsatsi a mahlano. ra hlola teng matsatsi a supileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Haele rona, ra tloha Filipi ka sekepe, kamora matsatsi a mahobe a se nang ditomoso, mme ra fihla Troase ka matsatsi a mahlano ra hlola teng matsatsi a supileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 20:6
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O tla boloka mokete wa mahobe a sa lomoswang; ka matsatsi a supileng, ka nako e beilweng ya kgwedi ya Abibe, o tla ja mahobe a se nang ditomoso, jwalokaha ke o laetse; hobane ke ka yona kgwedi eo o tswileng Egepeta. Motho a se ke a hlaha pela ka a sa tshwara letho.


O ke o boloke mokete wa mahobe a se nang ditomoso: ka matsatsi a supileng o tla ja mahobe a se nang ditomoso, jwalokaha ke o laetse, nakong e beilweng ya kgwedi ya Abibe: hobane ke ka kgwedi ya Abibe o tswileng Egepeta.


Yare ha a bona hobane hoo ho kgahlile Bajuda, a eketsa a tshwara le yena Petrose. E ne e le ka matsatsi a mahobe a se nang ditomoso.


Yare ha a bone pono eo, ra itokisetsa hang ho ya Masedonia ka ho re, Morena o re bileditse teng, ho ya ba bolella Evangeli.


Ha re tloha teng, ra ya Filipi, e leng motse wa pele naheng ya Masedonia, hape e leng koloni ya Roma; mme ra hlola matsatsi a mang motseng oo.


Eitse hobane ba haole naha ya Misia, ba theohela Troase.


Pauluse o ne a rerile ho feta Efese, a tle a se ke a dieha Asia; kahobane a ne a itlhahanetse, a tle a be Jerusalema ka tsatsi la Pentekonta, haekaba ho ka etswa jwalo.


Bao ba re etella pele, ba ya re emela Troase.


Mme kahobane re ne re fumane barutuwa teng, ra hlola moo matsatsi a supileng; mme bona ba bolella Pauluse ka Moya, hore a se ke a nyolohela Jerusalema.


Hosasane, ra tloha, mme ra fihla Sesarea; ra kena tlung ya Filipi, moevangeli, eo e neng e le e mong wa ba supileng, mme ra dula ha hae.


Teng, ra fihlela baena, mme ra rapelwa ho hlola matsatsi a supileng le bona; ra ntoo leba Roma.


Re le Pauluse le Timothea, bahlanka ba Jesu Kreste, re ngolla bahalaledi bohle ba Filipi ba leng ho Jesu Kreste, le balebedi, le bahlanka ba kereke, re re:


Empa leha re ne re utlwisitswe bohloko pele motseng wa Filipi, ra ba ra tshwenngwa hampe, jwalokaha le tseba, re kile ra tiya matla, ke ho tshepa Modimo wa rona, ho le bolella Evangeli ya Modimo hara ntwa e kgolo.


O ntlele le kobo eo ke e siileng Trowase ha Karpuse, le tsona dibuka, haholo dipampiri tsa matlalo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ