Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 20:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 A felehetswa ho ya fihla Asia ke Sopatere wa Berea, le Aristarke le Sekundo le Gaiuse bao e leng ba Thesalonika; le Timothea wa Derba, le Tikike, le Trofime, bao e leng ba Asia.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

4 A felehetswa ke Sopaterose, mora wa Purose wa Berea, Arisetarekose le Sekundose ba Thesalonika, Gaiose wa Derebe, le Timothea, Tikikose le Terofimose ba Asia.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

4 Mme a felehetswa ho ya fihla Asia ke Sopatere wa Berea; le ho Bathessalonika, Aristakase le Sekundo; le Gaiase wa Derbe, le Timothea; le ba Asia, Tykikase le Trofimase.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Mme a felehetswa ho ya fihla Asia ke Sopatere wa Berea; le ho Bathessalonika, Aristakase le Sekundo; le Gaiase wa Derbe, le Timothea; le ba Asia, Tykikase le Trofimase.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 20:4
29 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa yare ha barutuwa ba mo teela hare, a tsoha, mme a kena motseng. Hosasane, a ikela Derba le Barnabase.


baapostola ha ba utlwa hoo, ba tshabela metseng e meng ya Likaonia, e leng Listra le Derba, le dinaheng tsa teng.


A ntoo ya Derba le Listra. Morutuwa o ne a le teng moo, ya bitswang Timothea, mora wa mosadi wa Mojuda ya dumetseng, ntatae empa e le Mogerike.


Eitse hobane ba ye le Frigia le naha ya Galatia, Moya o Halalelang wa ba hanela ho bolela lentswe la Modimo Asia.


Eitse hobane ba fete ka Amfipolise le Apolonia, ba tla Thesalonika, moo sinagoge ya Bajuda e neng e le teng.


Empa Bajuda ba Thesalonika, yare ha ba tseba hobane lentswe la Modimo le bolelwa le Berea ke Pauluse, ba tla le teng, ba ferekanya setjhaba.


Motse kaofela wa ba wa tlala moferefere; ba phallela theatereng hammoho hobane ba tshware Gaiuse le Aristarke, banna ba Masedonia, balekane ba Pauluse.


Rona bohle Bapartha, Bamede, Baelame, le ba ahileng Mesopotamia, le Judea, le le Kapadosia, le Ponto, le Asia,


Pauluse o ne a rerile ho feta Efese, a tle a se ke a dieha Asia; kahobane a ne a itlhahanetse, a tle a be Jerusalema ka tsatsi la Pentekonta, haekaba ho ka etswa jwalo.


Eitse hobane ba fihle ho yena, a re ho bona: Le tseba mokgwa oo ke nnileng ka etsa ka wona hara lona, haesale ke fihla Asia;


Ya be e le kahobane ba ne ba bone Trofime wa Efese le yena hara motse; ba ne ba hloma ekaba Pauluse o mo tlisitse tempeleng.


Ra kena sekepeng sa Adramite, se neng se tla leba nqa mabopong a Asia, ra tloha, re ena le Aristarke wa Thesalonika, motse wa Masedonia.


Timothea, molekane wa ka mosebetsing, o a le dumedisa; Lusiuse, Jasone, le Sosipatere, batswala ba ka, ba le dumedisa.


Gaiuse, moamohedi wa ka le wa kereke yohle, o a le dumedisa. Eraste, molotolotsi wa motse, o a le dumedisa, le Kwartuse, ngwanabo rona.


Ke le Pauluse, moapostola wa Jesu Kreste ka thato ya Modimo, ke ena le Timothea, ngwaneso, ke ngolla kereke ya Modimo e Korinthe, le bahalaledi bohle ba naheng yohle ya Akaea, ke re:


Hobane Mora Modimo, Jesu Kreste, ya boletsweng hara lona ke rona, nna le Silfane le Timothea, ha e a ka ya eba e le tjhe, empa e bile e ho yena.


Mme ka hore le tle le tsebe le lona kamoo ke dutseng kateng, le seo ke se etsang, Tikike, ngwaneso ya ratwang, mohlanka ya tshepehang Moreneng, o tla le tsebisa tsohle.


Ke tshepile ho Morena Jesu hobane ke tla phakisa ke le romele Timothea, ke tle ke kgothahale, ha ke utlwa kamoo taba tsa lona di dutseng kateng.


Aristarke, ya tlamilweng le nna, o a le dumedisa; le motswala wa Barnabase, Mareka, eo le etseditsweng taelo ka baka la hae; ekare ha a etla ho lona, mo amoheleng.


Tikike, ngwaneso ya ratehang, mohlanka ya tshepehang, mong ka nna tshebeletsong ya Morena, o tla le tsebisa kahohle kamoo taba tsa ka di dutseng kateng.


Ke le Pauluse, moapostola wa Jesu Kreste ka taelo ya Modimo, Mmoloki wa rona, le ya Morena Jesu Kreste, tshepo ya rona,


ke ngolla Timothea, mora wa ka ya ratwang, ke re: O ke o newe mohau, le lereko, le kgotso, ke Modimo Ntate, le ke Jesu Kreste, Morena wa rona.


Eraste o setse Korinthe; Trofime ke mo tlohetse Mileta, a baba.


Etlere ha ke o romela Artemase, leha e le Tikike, o phakise o tle ho nna Nikopolise; hobane ke hopotse ho hlola mariha teng.


o na le Mareka, le Aristarke, le Demase, le Luka, basebedisi ba ka.


Nna, moholo, ke ngolla Gaiuse, moratuwa, eo ke mo ratang nneteng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ