Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 20:37 - Sesotho 1909/1961 (SO)

37 Yaba ba tshwarwa bohle ke ho lla haholoholo; ba itihela molaleng wa Pauluse, ba mo aka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

37 Ha eba le seboko se seholo ho bohle, ba kopa Paulosi ka molala, mme ba mo aka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

37 Yaba ba lla bohle haholo, ba itihela molaleng wa Pauluse, ba mo aka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

37 Yaba ba lla bohle haholo, ba itihela molaleng wa Pauluse, ba mo aka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 20:37
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba o wela molaleng wa Benjamine, moenae, a lla, mme Benjamine le yena a llela molaleng wa hae.


Yaba Josefa o bofa koloi ya hae, a ya kgahlanyetsa Iseraele, ntatae, Goshene; eitse ha a fihla ho yena, a wela molaleng wa hae, a lla halelele molaleng wa hae.


Jwale Davida a nyoloha moepeng wa thaba ya Mehlwaare, a hlwa a ntse a lla, hlooho ya hae e kgurumeditswe, a tsamaya, a rotse le dieta, le setjhaba sohle se ho yena se ikgurumeditse dihlooho, se ehlwa se ntse se lla.


Yaba Elisha o tlohela dipholo, a titimela ho Elia, a re: Ha nke ke ye ho aka ntate le mme, ke ntoo o latela. Yena a re: Eya, o be o boye; o bone ha ke o entseng?


Oho, Jehova, hopola hle kamoo ke tsamaileng pela hao kateng, ka nnete le ka pelo yohle, ka etsa ho leng hotle mahlong a hao. Mme Esekiase a lla haholo.


Esdrase a re a sa ntsane a rapela, a ipolela, a lla a kgumame pela ntlo ya Modimo, ha bokana ho yena phutheho e kgolo haholo ya Baiseraele, ho le banna le basadi le bana; setjhaba se ne se lla habohloko haholo.


Eitse ha ba emisa mahlo ba sa le hojana, ba se ke ba mo tseba, mme ba phahamisa mantswe, ba lla, ba hahola e mong le e mong kobo ya hae, ba kubisetsa lerole sebakeng hodima dihlooho tsa bona.


Ba jalang ka meokgo, ba tla kotula ka mehoo ya thabo.


Yaba o tloha, a ya ho ntatae. Yare ha a sa le hole, ntatae a mmona, a mo utlwela bohloko, a matha, a itihela molaleng wa hae, a mo aka.


Dumedisanang ka kako e halalelang. Dikereke tsa Kreste kaofela di a le dumedisa.


Baena bohle ba le dumedisa. Dumedisanang ka kako e halalelang.


Dumedisanang ka kako e halalelang. Bahalaledi bohle ba le dumedisa.


ke ntse ke hopola meokgo ya hao, mme ke lakatsa haholo ho o bona, ke tle ke tlale thabo;


Modimo o tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le eba teng; mme ha ho sa tla ba maswabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele di fetile.


hobane Konyana e hara terone e tla ba alosa, mme e tla ba isa didibeng tsa metsi a bophelo; mme Modimo o tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona.


Eitse hobane mohlankana a tsamaye, Davida a hlaha nqa borwa, a itihela fatshe ka sefahleho, a inama hararo, mme ba akana, ba lla haholo; haholo ha lla Davida.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ