Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 20:29 - Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Hobane ke a tseba hobane, ha ke se ke tlohile, ho tla kena ho lona diphiri tse bohale, tse sa tlong ho qenehela mohlape;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

29 Ke a tseba hore, ha ke se ke tlohile, diphiri tse sehloho di tla kena hara lona, mme di ke ke tsa qenehela mohlape.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

29 Hobane ke tseba sena, hobane ha ke se ke tlohile, ho tla kena hara lona diphiri tse harolang, tse sa qeneheleng mohlape.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

29 Hobane ke tseba sena, hobane ha ke se ke tlohile, ho tla kena hara lona diphiri tse harolang, tse sa qeneheleng mohlape.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 20:29
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Emisa mahlo a hao, o tadime ba tswang nqa leboya. O kae mohlape oo o neng o o neilwe, mohlape wa letlotlo la hao?


Ho madimabe badisa ba senyang, ba qhalanyang mohlape wa makgulo a ka, ho bolela Jehova.


Marena a yona hara yona e ka diphiri tse harolang thusolelo; a tsholla madi, a timetsa meya ya batho hore a totise maruo a wona.


Ke a phela, ho bolela Morena Jehova: Erekaha dinku tsa ka di rusolotswe, mme dinku tsa ka di fetohile dijo tsa dibatana tsohle tsa naha, ka ho hloka modisa, mme badisa ba ka ba sa batle dinku tsa ka; erekaha badisa ba itisa, ba sa dise dinku tsa ka,


Empa leha ba ka wa, ba tla bona thuso e se ekae, mme ba bangata ba tla ikopanya le bona ka boikaketsi.


Marena a wona ke ditau tse rorang hara wona; baahlodi ba wona ke diphiri tsa phirimana tse sa bolokeleng hosasane letho. Baporofeta ba wona ke baithorisi, banna ba bohata;


Ho madimabe modisa wa lefeela ya tlohelang mohlape! Lerumo le tla otla letsoho la hae le leihlo la hae le letona. Letsoho la hae le tla omella ruri, leihlo la hae le letona le fifale.


Bonang, ke le roma le le jwaloka dinku hara diphiri; ka baka leo, le be bohlale jwaloka dinoha, mme le be ba se nang mano jwaloka maebanakgorwana.


Phemang baporofeta ba bohata, ba tlang ho lona ba apere kobo ya nku, empa kahare e le diphiri tse hapakang.


Tsamayang! Bonang, nna ke le roma jwaloka dikonyana hara diphiri.


Mohlatswana, se tshabe, hobane ho kgahlile Ntata lona ho le fa mmuso.


Empa ya ruilweng, eo e seng modisa, eo dinku e seng tsa hae ka sebele, ha a bona phiri e etla, o tlohela dinku, o a baleha; mme phiri e tshwara dinku, e a di hasanya.


Yare hobane ba qete ho ya, Jesu a re ho Simone Petrose: Simone, mora Jona, a o nthata haholo ho fetisa bana na? A re ho yena: E, Morena, o tseba hoba ke a o rata. Jesu a re ho yena: Alosa dikonyana tsa ka.


Jwale, lona, hlong le itise, le dise le mohlape kaofela, oo Moya o Halalelang o le beileng balebedi ba wona, ho alosa kereke ya Modimo eo o ithuetseng yona ka madi ao e leng a wona ka sebele.


ke re: Alosang mohlape wa Modimo o ho lona, le o lebele, e eng ka ho qophellwa, e mpe e be ka ho rata; e seng ka baka la moruo o mobe, e mpe e be ka ho rata;


Empa, jwalokaha baporofeta ba bohata ba ile ba hlaha setjhabeng sa Iseraele, le hara lona baruti ba bohata ba tla ba teng, ba kenyang ka sephiri dithuto tse senyang, mme ka ho latola Morena ya ba lopolotseng, ba tla ikgulela tshenyeho e sehloho hodimo.


kamoo ba le boleletseng kateng, hoba, mehleng ya qetello, basomi ba tla ba teng, ba tsamayang ka ditakatso tsa bonyefodi ba bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ