Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 20:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 le kamoo ke sa kang ka pata taba kateng, leha e le nngwe, ya tse le tshwanelang; ke sa kang ka phetsa le ho le bolella le ho le ruta tsona pontsheng le ka matlung a lona;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 Le a tseba kamoo ke sa kang ka le patela letho le molemo kateng, ha ke ntse ke bolela, mme ke ruta kapele ho setjhaba le malapeng a lona,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

20 le kamoo ke sa kang ka le hanela kateng, ha e se ka letho leo le le ruitseng molemo ka lona, empa ke le tsebisitse, ka le ruta phatlalatsa le ka ntlo le ntlo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

20 Le kamoo ke sa kang ka le hanela kateng, ha e se ka letho leo le le ruitseng molemo ka lona, empa ke le tsebisitse, ka le ruta phatlalatsa le ka ntlo le ntlo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 20:20
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ho itswe ke Jehova: Eya, o eme lebaleng la ntlo ya Jehova, o bolelle ba metse kaofela ya Juda ba kenang ho ya kgumama ka tlung ya Jehova mantswe wohle ao ke o laetseng ho ba bolella wona; o se ke wa ba lobela lentswe leha le le leng.


Yaba moporofeta Jeremia o ba bolella, a re: Ke a utlwa; bonang, ke tla le rapella ho Jehova, Modimo wa lona, ka mantswe a lona, mme ke tla le tsebisa lentswe le leng le le leng leo Jehova a tla le araba ka lona; nke ke ka le lobela letho.


O ne a se ke a ba bolella letho haese ka ditshwantsho; ere ha a le kathoko, a qaqisetse barutuwa ba hae ditaba tsohle.


Ba ne ba tiisetsa tempeleng ka matsatsi wohle, ba le pelo e le nngwe; enereha ba etswa tlung e nngwe, ba ne ba kena ho e nngwe, ba ntse ba ngwatha bohobe; ba ne ba eja dijo tsa bona ka thabo le ka dipelo tse monate,


Hobane ha ke a ka ka tswafa ho le bolella morero wohle wa Modimo.


Lebelang ke hona, le elellwe hobane ka dilemo tse tharo ha ke a ka ka phetsa bosiu le motshehare ho eletsa e mong le e mong wa lona ka meokgo.


A ikarolela theko ya yona ka nqa e nngwe, ba dumellane le mosadi wa hae, mme se setseng a se tlisa, a se bea maotong a baapostola.


Ha ba ka ba phetsa ka matsatsi wohle ho ruta le ho bolela tempeleng le ka matlung, hore Jesu ke Kreste.


Mme ponahatso ya Moya e newa e mong le e mong, e tle e be molemo wa bohle.


Mme jwale, banabeso, ha ke be nka tla ho lona ke bua ka dipuo, le ne le ka fihlela molemo ofe, ha ke sa bue le lona ka taba ya tshenolo, leha e le ka ya bohlale, leha e le ka ya boporofeta, leha e le ka ya thuto?


Hobane pele ho ntho tsohle, ke le neile seo le nna ke se amohetseng, ke ho re, Kreste o shwele ka baka la dibe tsa rona, kamoo Mangolo a bolelang kateng;


Bonang, ke le rutile melao le ditaelo, kamoo Jehova, Modimo wa ka, a ntaetseng kateng, hore le tle le etse ka tsona lefatsheng leo le yang ho le rua.


Haele ka ho hong, banabeso, le ithabele Moreneng. Ha ke kgathale ke ho le ngolla ditaba di le ding, mme ke ntho e le tiisang.


Ke yena eo re mmolelang, re ntse re tsosa batho bohle, mme re ruta batho bohle bohlale bohle, re tle re hlahise batho bohle pela Modimo, e le baphethehi ka ho Jesu Kreste.


O bolele lentswe, o phehelle nako ha e tshwaneleha, leha e sa tshwanelehe; o laye, o kgalemele, o kgothatse ka mamello yohle le ka ho ruta.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ