Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 2:46 - Sesotho 1909/1961 (SO)

46 Ba ne ba tiisetsa tempeleng ka matsatsi wohle, ba le pelo e le nngwe; enereha ba etswa tlung e nngwe, ba ne ba kena ho e nngwe, ba ntse ba ngwatha bohobe; ba ne ba eja dijo tsa bona ka thabo le ka dipelo tse monate,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

46 Ka letsatsi le leng le le leng ba ba mmoho ka Tempeleng ba le maikutlo a le mang, ba kena ntlo ka nngwe ba ntse ba ngwatha bohobe; ba ja dijo ka thabo le ka pelo tse tshweu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

46 Ba nna ba tiisetsa tempeleng ka tsatsi le leng le le leng, ka pelo e le nngwe, ba ngwatha bohobe le ntlo le ntlo, ba eja dijo tsa bona ka thabo le ka pelo e hlwekileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

46 Ba nna ba tiisetsa tempeleng ka tsatsi le leng le le leng, ka pelo e le nngwe, ba ngwatha bohobe le ntlo le ntlo, ba eja dijo tsa bona ka thabo le ka pelo e hlwekileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 2:46
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba re ho bona: Eyang, le je tse nonneng, le nwe tse monate, mme le romele ba sa kang ba lokisetswa letho diabo; hobane tsatsi lena ke le kgethetsweng Morena wa rona; hape, le se ke la itlhomodisa; hobane thabo ya Jehova ke matla a lona.


Jehova, mpontshe tsela ya hao, ke tle ke tsamaye nneteng ya hao! o tlamelle pelo ya ka yohle le tshabo ya lebitso la hao!


Ha ho le jwalo, eya, o je bohobe ba hao ka thabo, o nwe veine ya hao ka pelo e nyakaletseng; etswe Modimo o kgahlisitswe le kgale ke diketso tsa hao.


Lebone la mmele ke leihlo; ka baka leo, ha leihlo la hao le lokile, mmele wohle wa hao o tla ba le lesedi.


Le mpe le fane ka dintho tsa lona, mme dintho kaofela di tla hlweka ho lona.


Eitse ha a dutse dijong le bona, a nka bohobe, a boka, a bo ngwatha, a ba nea bona.


Ba ne ba le tempeleng kamehla, ba ntse ba boka Modimo, ba o rorisa.


A ba isa ka tlung ya hae, a bea dijo pela bona, mme a thaba kahobane a dumetse ho Modimo hammoho le ba ntlo ya hae kaofela.


Ba ne ba tiisetsa thutong ya baapostola, le kopanong ya boena, le ho ngwathweng ha bohobe, le merapelong.


Ka la pele la veke, eitse ha barutuwa ba phuthehile ho ngwatha bohobe, Pauluse ha a tla tsamaya hosasane, a buisana le bona, a isa halelele, ya ba ya eba bosiu bo boholo.


Petrose le Johanne ba ne ba nyolohela hammoho tempeleng ka hora ya thapelo, e leng ya boroba mono o le mong.


Yare ha ba utlwa tseo, ba kena tempeleng ha bo esa, ba ruta. Empa moprista e moholo le ba nang le yena ba fihla, ba phutha lekgotla le baholo bohle ba bana ba Iseraele; yaba ba romela teronkong ho ya lata baapostola.


Ha ba ka ba phetsa ka matsatsi wohle ho ruta le ho bolela tempeleng le ka matlung, hore Jesu ke Kreste.


ya kgothatsang, a tiye kgothatsong; ya etsang dithuso, a thuse ka pelo e tshweu; ya laolang, a laole ka matla; ya etsang tsa mohau a di etse ka thabo.


Senwelo sa hlohonolofatso seo re se lebohang, na hase kopano le madi a Kreste na? Le bohobe boo re bo ngwathang, na hase kopano le mmele wa Kreste na?


Hobane thoriso ya rona ke ho emelwa ke letswalo la rona, hoba re tsamaile lefatsheng, haholoholo hara lona, ke pelo e hlokang mano le ka nnete ya Modimo, e seng ka bohlale ba nama, empa e leng ka mohau wa Modimo.


Empa ke tshohile, esere mohlomong, jwalokaha noha e ne e thetse Eva ka mano a yona, le ya lona mehopolo e ka senyeha, ya timellwa ke nnete e ho Kreste.


Bahlanka, utlwang ka tshabo, le ka thothomelo, le ka tshepeho ya dipelo tsa lona, bao e leng beng ba lona ka nama, jwalokaha le utlwa Kreste.


Le tla thaba pela Jehova, Modimo wa lona, lona le bara ba lona, le baradi ba lona, le bahlanka ba lona ba batona, le ba batshehadi, le Molevi ya menyakong ya lona; hobane yena ha a na kabelo le lefa jwaloka lona.


Le tla ja teng pela Jehova, Modimo wa lona, le ithabise, lona le ba matlo a lona, ka mesebetsi yohle ya matsoho a lona, eo Jehova, Modimo wa hao, a o hlohonolofaditseng ka yona.


O thabe pela Jehova, Modimo wa hao, wena, le mora wa hao, le moradi wa hao, le mohlanka wa hao e motona, le e motshehadi, le Molevi ya menyakong ya hao, le moditjhaba, le kgutsana, le mosadi wa mohlolohadi ya leng ha eno, nqalong eo Jehova, Modimo wa hao, a tla e kgetha ho bea lebitso la hae ho yona.


Bahlanka, utlwang nthong tsohle bao e leng benghadi ba lona ka nama, le se ke la ba sebeletsa feela ha ba le tadimile, jwaloka hoja le rata ho kgahlisa batho, e mpe e be ka pelo e kgabane, ka ho tshaba Modimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ