Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 2:43 - Sesotho 1909/1961 (SO)

43 Tshabo ya wela batho bohle, mme mehlolo le meeka e mengata ya nna ya etswa ke baapostola.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

43 Bohle ba tshoha, hobane baapostola ba ne ba etsa dimakatso le mehlolo e mengata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

43 Tšabo ya wela batho bohle, mme meeka le meeka e mengata ya etswa ke baapostola.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

43 Tšabo ya wela batho bohle, mme meeka le meeka e mengata ya etswa ke baapostola.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 2:43
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Naheng e nngwe le e nngwe, le motseng o mong le o mong, nqalong tsohle tseo polelo ya morena le taelo ya hae di fihlileng ho tsona, Bajuda ba dula thabong le nyakallong, ba etsa diboka le letsatsi la mokete; esita le ba bangata hara ditjhaba tsa lefatshe ba iketsa Bajuda, ka hobane letsoso la Bajuda le ne le ba wetse hodimo.


Motse ona ho nna e tla ba lebitso la thabo le dithoko le kganya pela ditjhaba tsohle tsa lefatshe tse tlang ho utlwa molemo kaofela oo ke tla o etsetsa wona; di tla tshaba, di thothomele ka baka la molemo wohle le la boiketlo bohle boo ke tlang ho o etsetsa jona.


Empa hamorao, bana ba Iseraele ba tla kgutla, ba batle Jehova, Modimo wa bona, le Davida, morena wa bona; mehleng ya morao, ba tla itlhahanela ho Jehova le ho molemo wa hae.


Mehlolo e tla tsamaya le ba dumetseng ke yona ena: ba tla leleka batemona ka lebitso la ka; ba tla bua dipuo tse ntjha;


Mme bohle ba tshwarwa ke tshabo, ba rorisa Modimo, ba re: Moporofeta e moholo o hlahile hara rona; Modimo o etetse setjhaba sa wona.


Yaba batho bohle ba kamathoko a naha ya Bagergesene ba rapela Jesu hore a tlohe ho bona; hobane ba ne ba tshwerwe ke tshabo e kgolo. Haele yena a kena sekepaneng, a kgutla.


Kannetenete ke re ho lona: Ya dumelang ho nna, mesebetsi eo ke e etsang, o tla e etsa le yena, o tla etsa le e fetisang ena, kahobane ke ya ho Ntate;


Banna ba Iseraele, utlwang taba tsena: Jesu wa Nasaretha, monna eo le mo supisitsweng ke Modimo ka diketso tse matla, le ka meeka, le ka mehlolo eo Modimo o e entseng ka yena hara lona, jwalokaha le tseba le lona,


Baapostola ba ne ba paka tsoho ya Morena Jesu Kreste ka matla a maholo, mme hlohonolofatso e kgolo e ne e dula hodima bona bohle.


Yare ha Ananiase a utlwa mantswe ao, a wela fatshe, a shwa; mme bohle ba utlwileng taba tseo, ba tshwarwa ke tshabo e kgolo.


Petrose a re ho yena: Enea, Jesu Kreste o a o fodisa; tsoha, a alole diphate tsa hao. Mme a phakisa a tsoha.


Petrose a re, ba ke ba tswele ntle kaofela; yaba o kgumama ka mangwele, a rapela, a ntoo retelehela ho setopo, a re: Tabitha, tsoha! Yaba eo o tutubolla mahlo, mme ha a bona Petrose, a dula.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ