Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 2:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Letsatsi le tla fetolwa lefifi, le kgwedi e fetolwe madi, tsatsi la Morena le leholo, le kganyang, le eso ho tle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 Letsatsi le tla fifala, le kgwedi e tla ba kgubedu jwaloka madi, pele letsatsi le leholo la Morena, le kgethehileng, le fihla;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

20 Letsatsi le tla fetoha lefifi, le kgwedi e fetohe madi, pele letsatsi leo le leholo le hlokomelehang la Morena le fihla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

20 Letsatsi le tla fetoha lefifi, le kgwedi e fetohe madi, pele letsatsi leo le leholo le hlokomelehang la Morena le fihla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 2:20
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hobane dinaledi tsa lehodimo le Makolobe di ke ke tsa kgantsha lesedi la tsona; letsatsi le tla fifala le sa tjhaba, le yona kgwedi e ke ke ya kgantsha lesedi la yona.


E mong le e mong ya fumanwang o tla hlajwa ka lerumo, ba tshwarwang ba bolawe ka tjhaka.


Bonang, letsatsi la Jehova le a tla, le le thata, le tletse kgalefo le bohale bo tukang, le tla etsa lefatshe nahathothe, le fiele ba bolotsana ba ho lona.


Mme kgwedi e tla rothofala, letsatsi le swabe, hobane Jehova o busa thabeng ya Sione le Jerusalema, mme o kganya pela baholo ba hae.


Hobane Jehova o beile letsatsi la tefetso, le selemo sa phetetso seo a tla lefetsa Sione ka sona.


Ke tadima lefatshe, mme bonang le sentswe, le feela; le wona mahodimo, mme a hloka lesedi la wona.


Letsang terompeta Sione; le hlabe mokgosi thabeng ya ka e kgethehileng! Baahi bohle ba naha ba thothomele, hobane letsatsi la Jehova le a tla, le haufi.


Letsatsi le tla fetoha lefifi, le kgwedi e fetohe madi, ho eso ho tle letsatsi la Jehova le leholo, le tshabehang;


Matshwele, matshwele a teng a lehlanahlana kgohlong ya kahlolo! hobane le haufi letsatsi la Jehova, le tla ba teng kgohlong ya kahlolo.


Ka tsatsi leo, ho itswe ke morena Jehova: Ke tla diketsa letsatsi motshehare o moholo lefifi ke le hlahise lefatsheng nyene.


Bonang, ke ya le romela moporofeta Elia, ho eso ho tle letsatsi la Jehova, le leholo, le tshabehang.


Hanghang kamora mahlomola a mehla eo, letsatsi le tla fifala, kgwedi e tla hloka lesedi, dinaledi di tla wa lehodimong, mme tse matla tsa lehodimo di tla sisinyeha.


Ka hora ya botshelela, lefifi la eba teng lefatsheng lohle, ho fihlela hora ya boroba mono o le mong.


Empa mehleng eo, kamora mahlomola ao, letsatsi le tla fifala; kgwedi e ke ke ya kgantsha lesedi la yona;


Dipontsho di tla ba teng letsatsing, le kgweding, le dinaleding; le lefatsheng ditjhaba di tla tsieleha, di be le matswalo, lewatle le ntse le duma le maqhubu a lona.


Ke tla etsa mehlolo hodimo lehodimong, le meeka tlase lefatsheng, madi, le mollo, le mouwane wa mosi.


Mme e mong le e mong ya tla rapela lebitso la Morena o tla bolokeha.


ke ahlotse hore monna eo a neelwe Satane, hore ho senyehe nama ya hae, moya o tle o pholohe ka letsatsi la Morena Jesu.


Le tswe le tseba hantlentle le lona hoba letsatsi la Morena le tla hlaha jwaloka leshodu la bosiu.


Letsatsi la Morena lona le tla tla ka mokgwa wa leshodu la bosiu, mme ka lona mahodimo a tla feta ka lerata le tshabehang, mme metheo ya dintho e tla fediswa ke ho tjha, le lefatshe le tla tjha ruri le mesebetsi e ho lona.


Haele mahodimo a jwale le lefatshe la jwale, di boloketswe mollo ke lentswe lona leo, di boloketswe letsatsi la kahlolo, le la tshenyeho ya batho ba nyefolang.


Lengeloi la bone la tshollela nkgo ya lona hodima letsatsi; mme letsatsi la newa matla a ho tjhesa batho ka mollo.


Ka tadima ha e manolla tiiso ya botshelela, mme bonang, tshisinyeho e kgolo ya lefatshe ya eba teng; letsatsi la eba letsho jwaloka mokotla wa boditse, mme kgwedi ya eba jwaloka madi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ