Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 19:33 - Sesotho 1909/1961 (SO)

33 Jwale ba ntsha Aleksandere hara bongata, a sutuletswa pele ke Bajuda; Aleksandere a hwehla ka letsoho, a rata ho ikarabela ho setjhaba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

33 Ba bang ba letshwele ba re Alekesandere a bue, ha Bajuda ba ntse ba mo sutumeletsa kapele. Alekesandere a phoka ka letsoho, a rata ho ikarabella ho letshwele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

33 Joale ba ntša Alexandere har’a letšoele, Bajuda ba mo ntšetsa pele. Aleksandere a hwehla ka letsoho, a rata ho ikarabela pela setjhaba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

33 Joale ba ntša Alexandere har’a letšoele, Bajuda ba mo ntšetsa pele. Aleksandere a hwehla ka letsoho, a rata ho ikarabela pela setjhaba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 19:33
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yare ha a etswa, a sitwa ho bua le bona, mme ba lemoha hobane o bone mohlolo tempeleng, le yena a ba lekanyetsa jwalo; mme a sala e le semumu.


A ba hwehla ka letsoho hore ba kgutse, mme a ba phetela kamoo Morena a mo ntshitseng teronkong kateng; a ba a re ho bona: Tsebisang Jakobo le baena taba tseo. A ntoo tswa, a ikela bakeng se seng.


Yaba Pauluse o a ema, mme yare ha a ba hwehlile ka letsoho hore ba kgutse, a re: Banna ba Iseraele, le lona ba tshabang Modimo, mamelang!


Empa yare ha ba bona hobane ke Mojuda, ba howa kaofela ka lentswe le le leng, ka hora tse batlileng ho ba pedi, ba re: O moholo Diana wa Baefese!


Eitse hobane a mo lesele, Pauluse ha a ntse a eme methating, a hwehla batho ka letsoho, mme ha ho itswe tu haholo, a bua ka puo ya Seheberu, a re:


Pauluse, eitse hobane mmusisi a mo hwehle hore a bue, a araba, a re: Erekaha ke tseba hobane ho se ho le dilemo tse ngata o busa setjhaba sena, ke moo ke ikarabelang ka tshepo e fetisang.


Ho lokile, ha ke ikutlwa jwalo bakeng sa lona bohle, kahobane, ditlamong tsa ka, le boikarabelong ba ka, le tiisong ya Evangeli, ke na le lona ka pelong ya ka; hobane bohle le nkile kabelo mohaung hammoho le nna.


Hara bona ho na le Himenea le Aleksandere, bao ke ba neetseng Satane, ba tle ba rutwe ho lesa ho nyefola.


Aleksandere, setei sa koporo, o nkentse hampe haholoholo. Morena o tla busetsa ho yena ho lekanang mesebetsi ya hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ