Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 19:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Le a bona, le a utlwa, hoba Pauluse eo o se a kgodisitse batho ba bangata, e seng Efese feela, e batla ho ba Asia kaofela; o bile o ba kgelositse ka ho re, medimo e etswang ka matsoho hase medimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

26 Le a bona, mme le a utlwa hore Paulosi enwa o re medimo e entsweng ke batho hase medimo, mme o kgelositse letshwelehadi, e seng mona Efese feela, empa e batla e le Asia yohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

26 Hape, le a bona, mme le a utlwa hore Pauluse eo, e seng Efese feela, empa hoo e ka bang le Asia yohle, o kgodisitse bongata bo boholo, a ba a kgelosa, a re, medimo e entsweng ka matsoho hase yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

26 Hape, le a bona, mme le a utlwa hore Pauluse eo, e seng Efese feela, empa hoo e ka bang le Asia yohle, o kgodisitse bongata bo boholo, a ba a kgelosa, a re, medimo e entsweng ka matsoho hase yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 19:26
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Le tla ba bolella jwalo, le re: Medimo e sa kang ya etsa mahodimo le lefatshe, yona e tla tloswa lefatsheng le katlasa lehodimo.


Hobane eo e tswa Iseraeleng, e entswe ke lelala, hase modimo; namane ya Samaria e tla robakwa dikoto.


ba re: Banna le etsetsang jwalo na? Athe le rona, re batho ba fokolang jwaloka lona; re le bolella hore le lese mekgwa eo ya bosawana, le hore le sokolohele ho Modimo o phelang, o entseng lehodimo, le lefatshe, le lewatle, le dintho tsohle tse ho wona.


Ha re le moloko wa Modimo, ha re a tshwanela re ka lekanya hore Modimo o ka tshwana le kgauta, leha e le silefera, leha e le lejwe le betlilweng ka masene le ka kgopolo ya motho.


Ha a fihla Efese, moo a neng a tla ba tlohela teng, a kena sinagogeng, a fetolana le Bajuda.


Eitse ha Apolose a sa le Korinthe, Pauluse a haola dinaha tsa Asia tse kahodimo, a tla Efese, mme teng a fihlela barutuwa ba bang.


Taba tseo tsa nna tsa eba jwalo ka dilemo tse pedi, bohle ba ahileng Asia ba ba ba utlwa lentswe la Morena Jesu, Bajuda le Bagerike.


sa ba bokella hammoho le ba bang ba mesebetsi e tshwanang le oo, sa re ho bona: Banna, le a tseba hobane mosebetsi wona ke leruo la rona.


Le a tseba hoba le ne le le bahetene ba hulelwang ditshwantshong tse sa bueng, kamoo le neng le hulanngwa kateng.


Jwale, ha e le ka ho ja dijo tse halbetsweng ditshwantsho, re a tseba hore setshwantsho hase letho lefatsheng, le hore ha ho Modimo o mong, haese o le mong feela.


Efela pele, ha le ne le eso ho tsebe Modimo, le ne le sebeletsa medimo e neng e se yona ka sebele;


Teng, le tla sebeletsa medimo, e leng mosebetsi wa matsoho a batho, mahong le majwe, e sa boneng, e sa utlweng, e sa jeng, e sa fofoneleng.


Hobane batho bohle ba bolela sebaka sa ho kena seo re bileng le sona hara lona, le kamoo le sokolohetseng ho Modimo kateng, la furalla ditswantsho ho sebeletsa Modimo o phelang, wa nnete,


Mme batho ba setseng, ba sa kang ba bolawa ke dikotsi tseo, ha ba ka ba baka mesebetsing ya matsoho a bona, mme ha ba ka ba lesa ho rapela batemona, le medimo ya kgauta, le ya silefera, le ya koporo, le ya majwe, le ya mahong, e sa tsebeng ho bona, le ho utlwa, le ho tsamaya.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ