Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 19:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Yaba o romela Masedonia, ba babedi ho ba mo tlatsang, e le Timothea le Eraste; haele yena, a hlola Asia matsatsi a mang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

22 Kahoo a roma batlatsi ba hae ba babedi, e leng Timothea le Erasetose, ho ya Masedonia; yena a ka a sala Asia nakwana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

22 Yaba o romela Masedonia ba babedi ba ba mo sebeletsang, e leng Timothea le Erastase; empa yena a hlola Asia nako e itseng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

22 Yaba o romela Masedonia ba babedi ba ba mo sebeletsang, e leng Timothea le Erastase; empa yena a hlola Asia nako e itseng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 19:22
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yare ha ba fihla Salamina, ba bolela lentswe la Modimo masinagogeng a Bajuda. Ba ne ba na le Johanne ya ba sebeletsang.


A ntoo ya Derba le Listra. Morutuwa o ne a le teng moo, ya bitswang Timothea, mora wa mosadi wa Mojuda ya dumetseng, ntatae empa e le Mogerike.


Pauluse a rata hoba a tsamaye le yena, a ba a mo nka, a mmolotsa ka baka la Bajuda ba neng ba le teng naheng tseo; hobane ba ne ba tseba kaofela hore ntatae ke Mogerike.


Eitse ha Silase le Timothea ba fihla ba etswa Masedonia, Pauluse a ineela ho ruta ka pelo ya hae yohle, a pakela Bajuda hore Jesu ke Kreste.


Taba tseo tsa nna tsa eba jwalo ka dilemo tse pedi, bohle ba ahileng Asia ba ba ba utlwa lentswe la Morena Jesu, Bajuda le Bagerike.


Kamora tseo, Pauluse a rera, ka kgopotso ya Moya, ho ya Jerusalema, ka tsela ya Masedonia le ya Akaea, a re: Etlare ha ke ile teng, e ka kgona ke bone le Roma.


Motse kaofela wa ba wa tlala moferefere; ba phallela theatereng hammoho hobane ba tshware Gaiuse le Aristarke, banna ba Masedonia, balekane ba Pauluse.


Eitse hobane moferefere ona o kokobele, Pauluse a bitsa barutuwa, a ba dumedisa, a ntoo tloha, a ya Masedonia.


Mme le a tseba e le lona hobane matsoho ana a sebeditse se neng se hlokwa ke nna le ke bao ke neng ke na le bona.


Gaiuse, moamohedi wa ka le wa kereke yohle, o a le dumedisa. Eraste, molotolotsi wa motse, o a le dumedisa, le Kwartuse, ngwanabo rona.


ke ntoo le feta, ke ye Masedonia, mme ha ke kgutla Masedonia, ke boye le ka ha heno, e tle e be lona ba mphelehetsang ha ke fetela Judea.


Mme leha ke ne ke sa le hara lona, ke le tsietsing ya bohloki, ha ke a ka ka kgathatsa motho; hobane baena ba tswang Masedonia ba mpabaletse ka seo ke neng ke se hloka; mme ke itlhokometse hore ke se ke ka le etsetsa boima le ka ntho leha e le nngwe le jwale ke sa tla iponela teng.


ha ke a ka ka iketla moyeng wa ka, kahobane ha ke a ka ka fumana Tite, ngwaneso; ka mpa ka ba dumedisa, ka ntoo ikela Masedonia.


Banabeso, jwale re le tsebisa mohau oo Modimo o o etseditseng dikereke tsa Masedonia.


e seng kahoo feela, hape ke motho eo re mo kgethetsweng ke dikereke hore re tsamaye le yena mosebetsing wona wa mohau, oo re o sebetsang ho tlotlisa Modimo ka sebele, le ho hlahisa tjheseho ya lona.


Hobane lentswe la Morena ha le tloha ha heno, le dumaetse, e seng Masedonia le Akaea feela, empa tumelo ya lona ho Modimo e hasane kahohle, ya eba ntho eo re sa tshwanelang ho e bolela.


Eraste o setse Korinthe; Trofime ke mo tlohetse Mileta, a baba.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ