Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 19:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Taba eo ya tsejwa ke Bajuda kaofela le Bagerike ba ahileng Efese; ba welwa bohle ke tshabo, mme lebitso la Morena Jesu la tlotliswa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 Bohle ba phelang Efese, Bajuda le Bagerike, ha ba utlwa taba ena, kaofela ba tshoha, mme lebitso la Morena Jesu la tumiswa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

17 Taba ena ya tsejwa ke Bajuda bohle le Bagerike ba ahileng Efese; mme poifo ya ba wela kaofela, mme lebitso la Morena Jesu la tlotliswa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

17 Taba ena ya tsejwa ke Bajuda bohle le Bagerike ba ahileng Efese; mme poifo ya ba wela kaofela, mme lebitso la Morena Jesu la tlotliswa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 19:17
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Tsatsing leo, Davida a tshaba Jehova, a re: Areka ya Jehova e ka tla jwang ha ka?


Batho bohle ba tla tshwarwa ke tshabo, ba bolele mosebetsi wa Modimo, ba lemohe diketso tsa wona.


Moshe a re ho Aarone: Ke seo Jehova a na beng a se boletse, a re: Ke tla halaletswa ka ba emang pela ka, mme ke tla hodiswa mahlong a setjhaba kaofela.


Ba ahisaneng le yena ba tshwarwa bohle ke tshabo; ditaba tseo tsa hasana kahohle maloting a Judea.


Mme bohle ba tshwarwa ke tshabo, ba rorisa Modimo, ba re: Moporofeta e moholo o hlahile hara rona; Modimo o etetse setjhaba sa wona.


Mmusisi yare ha a bona se hlahileng, a dumela, a makaditswe ke thuto ya Morena.


Ha a fihla Efese, moo a neng a tla ba tlohela teng, a kena sinagogeng, a fetolana le Bajuda.


A mpa a ba dumedisa, a re: E ka kgona mokete o tlang ke o je Jerusalema; ke tla boela ke kgutlele ho lona, ha Modimo o dumela. Mme a tloha Efese.


Eitse ha Apolose a sa le Korinthe, Pauluse a haola dinaha tsa Asia tse kahodimo, a tla Efese, mme teng a fihlela barutuwa ba bang.


Yaba motho eo motemona a leng ho yena, o itihela hodima bona, a ba beta, a ba etsa hampe, ba ba ba baleha tlung eo, ba hlobotse, ba le maqeba.


Ba bangata ba dumetseng ba tla, ba ipolela le ho pepesa diketso tsa bona.


Tshabo ya wela batho bohle, mme mehlolo le meeka e mengata ya nna ya etswa ke baapostola.


Mme tshabo e kgolo ya tshwara kereke kaofela le bohle ba utlwileng taba tseo.


Ho ne ho se motho wa ba bang ya betang pelo ho kopana le bona; empa setjhaba sona se ne se ba rorisa haholo.


Yare ha Ananiase a utlwa mantswe ao, a wela fatshe, a shwa; mme bohle ba utlwileng taba tseo, ba tshwarwa ke tshabo e kgolo.


ka tebello e tiyang ya ka, le ka tshepo eo ke nang le yona, ya hoba nke ke ka swabiswa tabeng leha e le nngwe; ke mpa ke tsebisisa hore, esita le jwale le mehleng yohle, Kreste o tla tlotliswa mmeleng wa ka, leha e le ka ho phela ha ka, leha e le ka ho shwa ha ka.


lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste le tle le tlotliswe ka lona, le lona le tlotliswe ho yena, ka mohau wa Modimo wa rona, le wa Jesu Kreste Morena wa rona.


Haele ka tse ding, banabeso, le re rapelleng, lentswe la Morena le tle le nne le mathe, mme le tlotliswe hohle jwaloka ha heno,


Ebile banna ba Behte-Shemeshe ba re: Ho ka ema mang pela Jehova, Modimo oo o halalelang? Areka e tla ya ho mang, ha e tloha ho rona?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ