Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 19:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Eitse ha Apolose a sa le Korinthe, Pauluse a haola dinaha tsa Asia tse kahodimo, a tla Efese, mme teng a fihlela barutuwa ba bang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Ha Apolosi a ntse a le Korinthe, Paulosi yena a tsamaya hodima dihlaba, a ya fihla Efese, mme a fumana barutuwa ba bang hona teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

1 Eitse ha Apolose a ntse a le Korinthe, Pauluse ha a haola le naha e ka hodimo, a fihla Efese;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Eitse ha Apolose a ntse a le Korinthe, Pauluse ha a haola le naha e ka hodimo, a fihla Efese;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 19:1
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kamora tseo, Pauluse a tloha Athene, a ya Korinthe.


Empa Krispo, mmusi wa sinagoge, le ba ntlo ya hae kaofela ba dumela ho Morena; le Bakorinthe ba bangata, ha ba utlwa Pauluse, ba dumela le bona, mme ba kolobetswa.


Taba eo ya tsejwa ke Bajuda kaofela le Bagerike ba ahileng Efese; ba welwa bohle ke tshabo, mme lebitso la Morena Jesu la tlotliswa.


Le a bona, le a utlwa, hoba Pauluse eo o se a kgodisitse batho ba bangata, e seng Efese feela, e batla ho ba Asia kaofela; o bile o ba kgelositse ka ho re, medimo e etswang ka matsoho hase medimo.


Pauluse o ne a rerile ho feta Efese, a tle a se ke a dieha Asia; kahobane a ne a itlhahanetse, a tle a be Jerusalema ka tsatsi la Pentekonta, haekaba ho ka etswa jwalo.


Eitse hobane ba fihle ho yena, a re ho bona: Le tseba mokgwa oo ke nnileng ka etsa ka wona hara lona, haesale ke fihla Asia;


Ya be e le kahobane ba ne ba bone Trofime wa Efese le yena hara motse; ba ne ba hloma ekaba Pauluse o mo tlisitse tempeleng.


Ke lekanya jwalo, kahobane e mong le e mong ho lona o re: Nna, ke wa Pauluse! — Nna, ke wa Appolose! — Nna, ke wa Kefase! — Nna he, ke wa Kreste!


Ha ke lwanne le dibatana Efese ka phehello ya botho, ke ruileng ka hoo? Ekare ha bafu ba sa tsohe, a re jeng, a re nweng, hobane hosasane re se re ya shwa.


Haele Apolose, ngwanabo rona, ke mo kgothaditse haholo hore a ke a ye ho lona le banababo rona, empa ha a ka a dumela le hanyenyane ho ya jwale; leha ho le jwalo, o tla tla mohla a nang le sebaka.


Empa ke tla dula Efese ho be ho fihle Pentekonta.


Banabeso, ke tshwantshitse taba tseo ka nna le ka Apolose, ka baka la lona, le tle le ithute ka rona hore le se ke la tlodisa se ngodilweng; hore ho se ke ha eba e mong hara lona ya ikgantshang ho e mong ke ho emela e mong.


Ke le Pauluse, moapostola wa Jesu Kreste ka thato ya Modimo, ke ngolla bahalaledi ba Efese, e leng ba dumetseng ho Jesu Kreste, ke re:


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ