Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 18:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Empa Krispo, mmusi wa sinagoge, le ba ntlo ya hae kaofela ba dumela ho Morena; le Bakorinthe ba bangata, ha ba utlwa Pauluse, ba dumela le bona, mme ba kolobetswa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 Jwale Kerisepose, mookamedi wa ntlo ya thapelo, a dumela ho Morena, yena le lelapa la hae lohle. Le ba bangata ba Bakorinthe ha ba utlwa, ba dumela, mme ba kolobetswa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

8 Krispase, mmusi wa sinagoge, a dumela ho Morena, le bohle ba ntlo ya hae; mme Bakorinthe ba bangata ba utlwa ba dumela, mme ba kolobetswa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Krispase, mmusi wa sinagoge, a dumela ho Morena, le bohle ba ntlo ya hae; mme Bakorinthe ba bangata ba utlwa ba dumela, mme ba kolobetswa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 18:8
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

le banna bohle ba tswaletsweng tlung ya hae, le ba rekilweng ka tjhelete ho baditjhaba, ba bolla le yena.


Ke tswe ke mo tseba hoba, o tla laela bana ba hae, le ntlo ya hae kamora hae, hore ba boloke tsela ya Jehova, ba etse ka ho loka le ka tshwanelo, Jehova a be a hlahisetse Abrahama seo a mmaletseng sona.


Eyang ke hona, le rute ditjhaba tsohle; le ba kolobetse ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moya o Halalelang;


Yaba motho ya bitswang Jairuse, e mong wa babusi ba sinagoge, a fihla ho Jesu; ha a mmona, a itihela maotong a hae;


A re a sa bua, batho ba tswang ha mmusi wa sinagoge, ba fihla, ba re: Moradi wa hao o shwele; o sa kgathaletsang moruti?


E ne e le motho wa borapedi, ya tshabang Modimo, yena le ba ntlo ya hae bohle; o ne a thusa haholoholo bafumanehi ba hara setjhaba, mme o ne a sa phetse ho rapela Modimo.


Ke yena ya tla o bolella taba tseo o tla bolokeha ke tsona, wena le ntlo ya hao kaofela.


Eitse hobane ho balwe mangolong a molao le a baporofeta, babusi ba sinagoge ba romella ho bona, ba re: Banna ba heso, ekare ha le na le taba ya kgothatso ho batho, le ka bua.


A ba isa ka tlung ya hae, a bea dijo pela bona, mme a thaba kahobane a dumetse ho Modimo hammoho le ba ntlo ya hae kaofela.


Kamora tseo, Pauluse a tloha Athene, a ya Korinthe.


Yaba Bagerike kaofela ba tshwara Sosthene, mmusi wa sinagoge ba mo otla pela lekgotla, mme Galione a se ke a tsotella letho la tseo.


Eitse ha Apolose a sa le Korinthe, Pauluse a haola dinaha tsa Asia tse kahodimo, a tla Efese, mme teng a fihlela barutuwa ba bang.


Empa, eitse hobane ba dumele Filipi ya ba bolellang ditaba tsa mmuso wa Modimo le lebitso la Jesu Kreste, banna le basadi ba kolobetswa.


ke ngolla kereke ya Modimo e Korinthe, e leng ba halaleditsweng ho Jesu Kreste, ba bileditsweng ho halalela, hammoho le bohle ba rapelang nqalong tsohle lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste, e leng Morena wa bona le wa rona;


Ke le Pauluse, moapostola wa Jesu Kreste ka thato ya Modimo, ke ena le Timothea, ngwaneso, ke ngolla kereke ya Modimo e Korinthe, le bahalaledi bohle ba naheng yohle ya Akaea, ke re:


Mme ke bitsa Modimo, e be paki ya taba tsa moya wa ka, ha ke re, e ne e le ka baka la ho le hauhela, ha ke eso ho ye Korinthe le jwale;


Helang! lona Bakorinthe, molomo wa rona o le ahlametse, pelo tsa rona di le ahlametse.


Eraste o setse Korinthe; Trofime ke mo tlohetse Mileta, a baba.


Empa ha le sa rate ho sebeletsa Jehova, ikgetheleng kajeno eo le tla mo sebeletsa, leha e ka ba medimo e sebeleditsweng ke bontata lona mose wane wa noka, kapa medimo ya Baamore, bao le ahileng fatsheng la bona. Haele nna le ba ntlo ya ka, re tla sebeletsa Jehova.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ