Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 18:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Empa ha ba hana, mme ba nyefola, a hlohlora diaparo tsa hae, a re ho bona: Madi a lona a be hodima lihlooho tsa lona; haele nna, ke hlwekile bakeng sa wona; ho tloha jwale, ke ikela ho baditjhaba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 Empa yare ha ba mo hanyetsa, ba mo nyefola, a hlohlora diaparo tsa hae, a re ho bona: “Madi a lona a be hodima dihlooho tsa lona; nna ha ke na molato. Ho tloha jwale ke tla ya ho baditjhaba.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

6 Eitse ha ba hana, ba nyefola, a hlohlora diaparo tsa hae, a re ho bona: Madi a lona a be hodima dihlooho tsa lona; Ke hlwekile: ho tloha jwale ke tla ya ho Baditjhaba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Eitse ha ba hana, ba nyefola, a hlohlora diaparo tsa hae, a re ho bona: Madi a lona a be hodima dihlooho tsa lona; Ke hlwekile: ho tloha jwale ke tla ya ho Baditjhaba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 18:6
37 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Davida a re ho yena: Madi a hao a be hloohong ya hao, hobane o ikahlotse ka molomo wa hao, ha o itse, ke wena ya bolaileng motlotsuwa wa Jehova.


Madi a bona a tla busetswa hloohong ya Joabe, le hloohong tsa ditloholo tsa hae kamehla; empa kgotso e tswang ho Jehova, e tla nne e be teng ho Davida, le ho ditloholo tsa hae, le tlung ya hae, le teroneng ya hae.


Ka udubatsa le sefuba sa seaparo sa ka, ka re: Modimo o ke o udubatse jwalo tlung ya hae le mosebetsing wa hae motho ka mong ya ke keng a phetha polelo ena; a fele a udubatswe jwalo, mme a tshollwe. Yaba phutheho kaofela e re: Ho be jwalo! Ba rorisa Jehova, mme setjhaba sa etsa ka polelo eo.


a adima ka phahello, a nka katiso, na o tla phela na? Ha a ka ke a phela; o entse manyala ao wohle, a fele a bolawe, madi a hae a be hodima hae!


ha e mong a utlwile modumo wa phala, a sa hlokomele, leha lerumo le ka tla, la ya le yena, madi a hae a tla ba hloohong ya hae:


Haele sebohodi, ekare ha se bona lerumo le etla, se sa letse phala, mme setjhaba se sa eletswe, leha lerumo le ka tla, la ya le e mong wa bona, etlaba eo o shwele ka bokgopo ba hae, empa ke tla batla madi a hae letsohong la sebohodi.


Mang le mang ya rohakang ntatae, leha e le mmae, o tla bolawa; o rohakile ntatae le mmae: madi a hae a tla ba hodima hae.


E mong le e mong ya sa le amoheleng, le polelo tsa lona a sa di utlwe, ha le etswa tlung eo, kapa motseng oo, le hlohlore lerole la maoto a lona.


Ba re ho yena: O tla timetsa ba babe bao hampe, mme tshimo ya hae ya merara o tla e laeletsa balemi basele, ba tla mo nea ditholwana nakong ya tsona.


Ka baka leo, ke re ho lona: Mmuso wa Modimo le tla o amohuwa, mme o tla newa setjhaba se seng se tla beha ditholwana tsa wona.


Yaba bahlanka bao ba tswela ditseleng, ba bokella bohle bao ba ba fumanang, dikgwahlapa le dikgabane, mme ntlo ya bohadi ya tlala batho ba dulang dijong.


Setjhaba kaofela sa araba, sa re: Madi a hae a be hodima rona, le hodima bana ba rona.


Ke a le bolella, ke re: Ba bangata ba tla tswa botjhabela le bophirimela, mme ba tla dula dijong le Abrahama, le Isaaka, le Jakobo mmusong wa mahodimo.


Ba mo nyefola le ka ditaba tse ding tse ngata, tseo ba mo hlabang ka tsona.


Haele bohle ba sa le amoheleng, etlare ha le etswa motseng oo, le hlohlore lerole la dieta tsa lona, e be bopaki ho bona.


Yaba ba hlohlora lerole le maotong a bona, ba ya Ikone.


Masinagogeng wohle hangata ka ba tsohela matla, ka ba otla, ka ba qophella hore ba nyefole; mme kahobane ke ne ke ba halefetse haholoholo, ka ba hlorisa le ho isa metseng ya ditjhaba.


empa ka qala ho bolella ba Damaseka, le ba Jerusalema, le ba Judea bohle, ka ntoo bolella ditjhaba tse ding, hore bohle ba bake, ba sokolohele ho Modimo, ba ntse ba etsa mesebetsi e tshwanelang pako.


Tsebang jwale hore poloko eo ya Modimo e romelwa ditjhabeng, mme di tla e utlwa.


Na Modimo ke Modimo wa Bajuda ba nnotshi na? Na hase le wa baditjhaba na? E, ke wa baditjhaba le bona.


O se ke wa phaka wa bea motho matsoho; hape, o se ke wa kena dibeng tsa ba bang. O ipoloke, o be mohlweki.


A rute ka bonolo ba hanyetsang, ho tle ho lekwe hore na mohlomong Modimo o ke se ke wa ba nea pako, ba be ba lemohe nnete;


Ha le nyefolelwe lebitso la Kreste le lehlohonolo; hobane Moya wa kganya, Moya wa Modimo, o dutse hodima lona; bona ba o nyefola, empa lona le a o tlotlisa.


Ke moo ba makalang ha le sa mathele hammoho le bona kgaphatsehong eo ya bohlola, mme ba le nyefola ke hona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ