Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 18:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Empa ka matsatsi wohle a Sabatha, o ne a bolela ditaba sinagogeng, a kgodisa Bajuda le Bagerike.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

4 A buisana le batho ka tlung ya thapelo ka Sabatha se seng le se seng, a leka ho kgodisa Bajuda le Bagerike.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

4 Ka Sabatha se seng le se seng, o ne a bua ka synagogeng, a kgodisa Bajuda le Bagerike.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Ka Sabatha se seng le se seng, o ne a bua ka synagogeng, a kgodisa Bajuda le Bagerike.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 18:4
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Modimo o atolose Jafeta, a dule ditenteng tsa Sema, mme Kanana e be mohlanka wa hae.


Na Esekiase ha a le thetse, hore a le neele ho shwa ke tlala le ke lenyora, ha a re: Jehova, Modimo wa rona, o tla re namolela matsohong a morena wa Assiria?


Abrahama a re ho yena: Ekare ha ba sa utlwe Moshe le baporofeta, ba ke ke ba kgolwa, leha e mong wa bafu a ka tsoha.


A fihla Nasaretha, moo a neng a holetse teng. Ka letsatsi la Sabatha, a kena sinagogeng ka mokgwa wa hae; mme a ema hore a bale.


Yaba Bajuda ba botsana, ba re: Eo o tla ya kae, moo re ke keng ra mo fumana teng. Na o tla ya ho ba farasitseng hara Bagerike, a rute Bagerike na?


Haele bona, ba tloha Perge, ba tla Antioke wa Pisidia. Ba kena sinagogeng ka letsatsi la Sabatha, ba dula.


Pauluse le Barnabase, ha ba le Ikone, ba kena hammoho sinagogeng ya Bajuda, ba bolela lentswe teng, ha ba ha dumela bongata bo boholo ba Bajuda le ba Bagerike.


Bao ba fetisa ba Thesalonika ka bokgabane, ba amohela lentswe ka tjheseho e kgolo, ba botsisisa Mangolo ka matsatsi wohle, ho tseba hore na ditaba tseo di jwalo ruri na?


O ne a fetolana sinagogeng le Bajuda le ba tshabang Modimo, a etsa jwalo le ka kgotla ka matsatsi wohle le bao a neng a teana le bona teng.


ba re: Enwa o ruta batho ho sebeletsa Modimo ka mokgwa o fapaneng le molao.


Ha a fihla Efese, moo a neng a tla ba tlohela teng, a kena sinagogeng, a fetolana le Bajuda.


Le a bona, le a utlwa, hoba Pauluse eo o se a kgodisitse batho ba bangata, e seng Efese feela, e batla ho ba Asia kaofela; o bile o ba kgelositse ka ho re, medimo e etswang ka matsoho hase medimo.


Pauluse a kena sinagogeng, a bua a sa tshabe, a fetolana le Bajuda ka dikgwedi tse tharo, a ba kgodisa tabeng tsa mmuso wa Modimo.


Agripa a re ho Pauluse: O batla ho ntlhola hore ke be mokreste.


Eitse hobane ba mmeele letsatsi, ba tla ho yena ba le bangata moo a dutseng teng, mme a ba bolella, a paka tsa mmuso wa Modimo ho bona, a leka ho ba kgodisa bakeng sa Jesu, a isa ka molao wa Moshe le baporofeta, a qala hosasa ho fihlela mantsiboya.


A phakisa a bolela Jesu masinagogeng, a tiisa hore ke Mora wa Modimo.


Jwale, ka baka la ho tseba botshabeho ba Morena, re qhopheletse batho ho dumela, mme re tsejwa ke Modimo, hape ke tshepile hoba re tsejwa le matswalong a lona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ