Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 18:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Yare ha a rata ho fetela Akaea, baena ba ngolla barutuwa, ba ba kgothatsa hore ba mo amohele. Eitse ha a fihla ho bona, a thusa haholo ba dumetseng ka mohau wa Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

27 Yare ha a rera ho ya Akaya, badumedi ba mo kgothaletsa, mme ba ngolla barutuwa hore ba mo amohele. Ha a se a fihlile, a ba le thuso e kgolo ho bao e bileng badumedi ka mohau wa Modimo,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

27 Eitse ha a rata ho fetela Akaia, baena ba ngola, ba kgothatsa barutuwa hore ba mo amohele;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

27 Eitse ha a rata ho fetela Akaia, baena ba ngola, ba kgothatsa barutuwa hore ba mo amohele;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 18:27
26 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mehleng eo, Petrose a ema hara barutuwa moo ba phuthehetseng teng, bongata ba bona, ha ba balwa, bo batlile ho ba lekgolo le mashome a mabedi, a re:


Yare hobane a mo fumane, a mo tlisa Antioke; ba dule teng ba qeta ngwaha ba ntse ba phutheha le kereke; mme ba ruta bongata bo boholo. Ke Antioke barutuwa ba qadileng ho bitswa bakreste.


Leha ho le jwalo, Silase a rata ho hlola teng.


Yare ha Galione e le mmusisi wa Akaea, Bajuda ba dumellana, ba tsohela Pauluse matla, mme ba mo isa kgotla,


Pauluse a boela a hlola teng matsatsi a mangata, a ntoo dumedisa baena, a ya Siria ka sekepe, a ena le Priscila le Akila, a ikutisitse hlooho Kenkrea, kahobane a ne a itlamile ka kano.


Eitse ha Apolose a sa le Korinthe, Pauluse a haola dinaha tsa Asia tse kahodimo, a tla Efese, mme teng a fihlela barutuwa ba bang.


Yaba Barnabase o mo nka, a mo isa ho baapostola, a ba phetela kamoo a boneng Morena tseleng kateng, a bileng a buile le yena, le kamoo a boletseng lebitso la Jesu ka matla motseng wa Damaseka kateng.


eo re filweng ka yena mohau le boapostola, hore ditjhabeng tsohle ho be ba utlwang ka ho dumela lebitso la hae;


Empa ke ka mohau wa Modimo ke leng seo ke leng sona; mme mohau wa wona ho nna ha o a ka wa eba lefeela; empa, ke ba fetisitse bohle hole ka ho sebetsa; empa e seng nna, e leng mohau wa Modimo o ho nna.


Mme etlare ha ke fihla, ke tla roma ka mangolo bao le ba tshepileng, ba tle ba ise mpho ya lona Jerusalema.


Nna, ke hlomile, Apolose yena o noseditse, empa Modimo ke wona o medisitseng.


e seng hore re na le puso hodima tumelo ya lona, empa re le sebedisa tse le thabisang, hobane efela le eme ka tumelo.


Mme hape, ka baka la ho kgolwa ke hoo, ke a tseba hoba ke tla nne ke be teng, ke nne ke dule le lona bohle, le tle le hole, mme le thabe tumelong;


Hobane ka baka la Kreste le neilwe lehlohonolo, e seng feela la ho dumela ho yena, e leng le la ho utlwiswa bohloko ka baka la hae.


Le patilwe le yena kolobetsong, moo le tsositsweng le yena ka ho dumela matla a Modimo o mo tsositseng bafung.


Aristarke, ya tlamilweng le nna, o a le dumedisa; le motswala wa Barnabase, Mareka, eo le etseditsweng taelo ka baka la hae; ekare ha a etla ho lona, mo amoheleng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ